Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Sefela sa Salomone 4:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Molala wa hao o jwaloka tora ya Davida e haheletsweng polokelo ya dibetsa; dithebe tse sekete di fanyehilwe teng, thebe tsohle tsa diqhenqha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Molala wa hao o tshwana le tora ya Davida, e hahilweng ka bokgabane bo boholo; ho yona ho leketla dithebe di le sekete, kaofela ha tsona e le dithebe tsa bahlabani.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Sefela sa Salomone 4:4
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Oho, thaba tsa Gilboa, ho se ke ha lala phoka, ho se ne pula ho lona, ho se ke ha eba masimo a mang le dilopotsiya hobane ke moo ho lahlilweng thebe tsa bahale, le thebe ya Saule, jwaloka eka ha a ka a tlotswa ka ole!


O sitsa morena wa hae ka poloko e kgolo, o etsa mohau ho motlotsuwa wa hae, ho Davida, le ho moloko wa hae, ka ho sa feleng.


Mabapa le eo, ha lokisa Esere, mora Joshua, monga Mitspe, a lokisa koto se seng sa lerako, a qala mabapa le moepa wa ntlo ya dihlomo koung ya lerako.


Ekare ha bara ba rona ba hola botjheng ba bona jwaloka dimela, mme baradi ba rona ba le jwaloka ditshiya tse dintlha tse kgabisitsweng ka mokgwa wa matlo a borena;


Marama a hao a matle dipakeng tsa meqhaka, le molala wa hao dipakeng tsa masihla.


molala wa hao eka tora e sebeditsweng ka dinaka tsa tlou; mahlo a hao a jwaloka matsha a Heshbone, monyakong wa Bathe-Rabbime; nko ya hao e jwaloka tora ya Lebanone e lebileng nqa Damaseka;


hlooho ya hao e phahamile, e tshwana le Karmele, mme thitsane ya hao eka purepera ya borena mahareng a letlowanyana le e tlamileng.


Nna, ke tla ba lerako, matswele a me a tla ba jwaloka ditora; ka baka leo, mahlong a hae ke tla ba jwaloka ya fumaneng kgotso.


Haele wena, qhobosheane ya mohlape, leralla la moradi wa Sione, ho wena ho tla tla, ho be ho finyelle borena ba pele, e leng mmuso wa moradi wa Jerusalema.


a sa itshwarelle ka hlooho, eo mmele wohle, ha o ntse o fepjwa, mme o teanngwa hammoho ka dikopano tsa manonyello, o holang ka kgolo ya Modimo.


lona ba bolokwang ke matla a Modimo ka tumelo, le tle le amohele poloko e seng e lokiseditswe ho bonahatswa nakong ya qetello.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ