Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Sefela sa Salomone 4:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Meno a hao a jwaloka mohlape wa dinku tse kutilweng, tse tswang ho hlatsuwa; kaofela ha tsona di tswetse mafahla, ha ho e nngwe ho tsona e nyopileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Meno a hao a ka mohlape wa dinku di qeta ho kutwa, di nyoloha moo di tswa hlatsuwa teng; thojana ka seng se tswetse mafahla, ha ho le se seng sa tsona se sa tswalang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Sefela sa Salomone 4:2
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho ke ke ha eba mosadi ya tswang mpa, kapa ya nyopileng lefatsheng la hao; hape, ke tla phetha palo ya ditshiu tsa hao.


Bona, o motle, thatohatsi ya ka! bona, o motle! Mahlo a hao eka a leebakgorwana kamora lesira la hao; moriri wa hao o jwaloka mohlape wa dipodi tse fulang meepeng ya thaba ya Gileade.


Melomo ya hao eka tshwele ya karmine; molomo wa hao o a kgahleha; marama a hao eka dipatsolo tse pedi tsa kharanata kamora lesira la hao.


Meno a hao a jwaloka mohlape wa dinku tse tswang ho hlatsuwa; kaofela ha tsona di tswetse mafahla, ha ho e nngwe ho tsona e nyopileng.


Mantswe a hao ha a mphihlela, ke itjeletse wona; mantswe a hao ho nna e bile thabo le nyakallo pelong ya ka, hobane ho rapetswe lebitso la hao hodima ka, Jehova, Modimo wa makhotla.


Ha le dula ho nna, mme mantswe a ka a dula ho lona, le ka kopa seo le se ratang, mme le tla etsetswa sona.


Ka baka leo, le rona ha re phetse ho leboha Modimo kahobane, mohla le amohetseng lentswe la Modimo, leo le le utlwileng ho rona, le le amohetse e seng jwaloka hoja e le lentswe la batho, empa la kgolwa hore ke lentswe la Modimo, jwalokaha e le lona ka sebele, le sebetsang ka ho lona ba dumetseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ