Ha ke re, ntlo ya ka e jwalo pela Modimo, hobane o hlabile le nna selekane se sa feleng, se lokileng kahohle, se tiileng! Ha ke re, o tla medisa polokeho ya ka yohle le tsohle tse lakatswang ke nna!
A etsa ditshiya tsa tsona ka silefera, le mokokotlo wa tsona ka kgauta; sedulo e le sa purepera, mme se adilwe kahare ka masela a homilweng ka lerato ke baradi ba Jerusalema.
Hape, ka bona lengeloi le leng le fofang mahareng a lehodimo, le tshwere Evangeli ya kamehla le mehla ho e bolella ba ahileng lefatsheng, le ditjhaba tsohle, le mefuta yohle, le dipuo tsohle, le merabe yohle;