Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Sefela sa Salomone 2:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Moratuwa wa me o lekisa tshephe, leha e le namane ya kgama; ke yane, o eme kamora lehora la heso, o tadima ka sefensetere, o nyarela ka dipaka tsa dithupa tse haheleditseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Moratuwa o tshwana le tshepe kapa namane ya kgama; mmoneng ke eo a eme kamora lerako, a shebile ka fesetere, a hlwedisa le ka diphera.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Sefela sa Salomone 2:9
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bara ba bararo ba Tseruja, Joabe le Abishai le Asaele ba ne ba le teng; Asaele o ne a le bobebe maotong jwaloka tshephe ya naha.


lerato la hae le o thabise pelo ka ditshiu tsohle.


O phonyohe jwaloka tshephe mameneng, le jwaloka nonyana lerabeng la setsomi.


Ke ne ke eme sefensetereng sa ntlo ya ka, ka tadima ka dipaka tsa lehlafi la teng;


Moratuwa wa me, bona, o motle, o a rateha; tao tsa rona ke botala.


Ha ho ntse ho lebeletswe ho phola ha letsatsi le paleho ya meriti, kgutla! Wena, moratuwa wa me, o nne o lekise tshephe ka lebelo, leha e le namane ya kgama ka ho haola ka dithaba tse re arohantseng!


Baradi ba Jerusalema, ke le antsha ka ditshephe le ka dikgama tsa naha, ke re, le se ke la phaphamisa leha e le ho tsosa thatohatsi ya ka, ha a eso ho ithatele. —


Baradi ba Jerusalema, ke le antsha ka ditshephe le ka dikgama tsa naha, ke re, le se ke la phaphamisa leha e le ho tsosa thatohatsi ya ka, ha a eso ho ithatele! —


Moratuwa wa me, baleha, o lekise tshephe, leha e le namane ya kgama, dithabeng tsa menkwane!


Le bona ba pheta tse ba hlahetseng tseleng, le kamoo a itsebisitseng ho bona kateng, ka ho ngwatha bohobe.


Esaia o boletse taba tseo, mohla a bonang kganya ya hae, mme a bolela tsa hae.


Le botsisisa Mangolo, kahobane le lekanya hore le na le bophelo bo sa feleng ho wona; athe ke wona a mpakang.


Hola le dumela ho Moshe, le ho nna le ka be le dumela; hobane o ngodile taba tsa ka.


Efela jwale, re bona ka seipone, ka lerotho; mohlang oo, re tla senola, difahleho di tadimane; jwale, ke tseba ka nqa e le nngwe feela; mohlang oo, ke tla tseba jwalokaha ke tsebilwe le nna.


tseo e leng seriti sa tse tlang ho tla, empa mmele wa tsona ke Kreste.


Hobane molao erekaha o ne o na le seriti feela sa menono e tlang ho hlaha, e seng sebele sa dintho, o sitilwe ruri ho phethisa barapedi ka mahlabelo a hlahiswang ka selemo se seng le se seng.


Yaba ke wela maotong a lona ho le kgumamela. Empa la re ho nna: O se ke wa etsa hoo; hobane ke molekane wa hao wa tshebeletso, le wa banabeno ba ba nang le bopaki ba Jesu; kgumamela Modimo: hobane bopaki ba Jesu ke Moya wa boporofeta.


Mma Sisera o nyarela ka fensetere se haheleditsweng ka dithupa, o howa, o re: Koloi ya hae e diehetseng ho hlaha? Maoto a makoloi a hae a tsamaelang butle?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ