Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Sefela sa Salomone 2:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ke lentswe la moratuwa wa me! Bona, o a tla, o haola ka ho tlola le ka ho tlolaka hodima dithaba le maralla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Ke utlwa lentswe la moratuwa, lentswe ke leo! Ke eo a etla a tlola hodima dithaba, a ntsa laqoma hodima maralla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Sefela sa Salomone 2:8
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Areka ya Jehova ha e fihla motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, ha a nyarela ka fensetere, a bona morena Davida a tlolaka, a hobela pela Jehova, mme a mo nyedisa ka pelong ya hae.


Ha ho ntse ho lebeletswe ho phola ha letsatsi le paleho ya meriti, kgutla! Wena, moratuwa wa me, o nne o lekise tshephe ka lebelo, leha e le namane ya kgama ka ho haola ka dithaba tse re arohantseng!


Moya wa leboya, tsoha; tloo le wena, moya wa borwa, o fokele serapeng sa me; dinonetso tsa sona di ntshe monko wa tsona! Moratuwa wa me a ke a kene serapeng sa hae, a latswe ditholwana tse monate tsa sona.


Ke ne ke robetse, empa pelo ya me e ne e fadimeha ... Ke lentswe la moratuwa wa me! o a kokota: Mpulele, ngwaneso, thatohatsi ya ka, leebakgorwana la ka, mohlweki wa ka! Hobane hlooho ya ka e tletse phoka, thitsane ya ka e kolobile ke marothodi a bosiu.


Sehlotsa se tla tlola jwaloka kgama, leleme la semumu le tla bina, hobane metsi a tla kolla naheng e tshehla, melatswana e phalle mahalaopeng.


Mahodimo, nyakallang ka difela, hobane Jehova o sebeditse; le lona matebo a lefatshe hlabang ditlatse. Dithaba a di ke di dume ka mehoo ya thabo, le meru le difate tsa yona, hobane Jehova o lopolotse Jakobo, mme o bonahaditse kganya ya hae Iseraeleng.


A matle hakakang dithabeng maoto a ba tlisang ditaba tse molemo, ba bolelang kgotso, ba tlisang taba tse molemo, ba bolelang topollo, ba reng ho Sione: Modimo wa hao o a busa!


Na ha o a ka wa etsa Iseraele sesomo sa hao na? Na o ne a tshwerwe boshodung, haele mona o ne o sisinya hlooho ka yena, ha o bolela tsa hae na?


Mohlang oo, le thabe, le nyakalle, hobane moputso wa lona o tla ba moholo lehodimong; le bontata bona ba ne ba etsa baporofeta jwalo.


Dinku tsa ka di utlwa lentswe la ka; ke a di tseba, mme di a ntatela.


Ya nang le monyaduwa ke monyadi; empa motswalle wa monyadi ya emeng teng le ho mo utlwa, o ye a thabe ka thabo e kgolo, ha a utlwa lentswe la monyadi. Thabo ya ka, e leng e jwalo, e phethehile.


a bua ka lentswe le leholo, a re ho yena: Ema ka maoto a hao. A tlolela pele, a ba a tsamaya.


A tlolela hodimo, a ema, a tsamaya; a ba a kena tempeleng le bona, a ntse a tsamaya, a tlola, a boka Modimo.


Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota; ekare ha e mong a utlwa lentswe la ka, mme a bula monyako, ke tla kena ha hae, mme ke tla lalla le yena, le yena le nna.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ