Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Sefela sa Salomone 2:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Kamoo sefate sa apole se leng kateng hara difate tsa moru, moratuwa wa me o jwalo hara bahlankana; thato ya me ke ho dula moriting wa hae, tholwana ya hae e monate mahalapeng a me.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Ha moratuwa a le hara bahlankana, o ka fate sa apole hara fate tsa meru. Ke thabela ho phomola moriting wa hae; tholwana hae e a hlabosa ha ke e latswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Sefela sa Salomone 2:3
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka botle o fetisa bana ba batho, mosa o tsholoha melomong ya hao; ka baka leo, Modimo o o hlohonolofaditse ka ho sa feleng.


O mohale! o itlamelle sabole ya hao lehlakoreng la hao; ke hlopheho ya hao le kganya ya hao!


Nkgauhele, Modimo, o nkgauhele! Hobane moya wa ka o ipatlela setshabelo sa wona ho wena, ke balehela moriting wa mapheo a hao, ditshenyo tsena di be di fete.


Hobane, phahameng ya mahodimo, ke mang ya ka itekantshang le Jehova? Ke mang ya tshwanang le Jehova hara bara ba Modimo?


Ya dutseng sephiring sa Mookamedi ya phahameng, o phomola moriting wa Ya matla wohle.


Moratuwa wa me, bona, o motle, o a rateha; tao tsa rona ke botala.


Le ntiise ka maqebekwane a tholwana tsa morara, le ntlhasimolle ka diapole, hobane ke idibana ke lerato.


Mahlomela a hao ke tshimo ya difate tsa kharanata tse ditholwana tse monate, le dikiprese le dinareda.


Moya wa leboya, tsoha; tloo le wena, moya wa borwa, o fokele serapeng sa me; dinonetso tsa sona di ntshe monko wa tsona! Moratuwa wa me a ke a kene serapeng sa hae, a latswe ditholwana tse monate tsa sona.


Moratuwa wa me o jwalo, mokgotsi wa me o jwalo, lona baradi ba Jerusalema!


Diduda di se di utlwahatsa monko wa tsona; pela monyako wa heso ditholwana tsohle tse ratwang di teng, tsa jwale le tsa pele. Moratuwa wa me, ke o boloketse tsona.


Salomone o ruile serapa sa merara Baale-Hamone; o laeletse balemi merara; o itse, e mong le e mong a lefe ka dishekele tse sekete, bakeng sa ditholwana tsa yona.


Merara ya me a pela me. Dishekele tse sekete di ye ho wena, Salomone, mme makgolo a mabedi e be a ba lebelang ditholwana tsa yona.


Elwa ke mang ya nyolohang feelleng, ya ikokotlelang ka moratuwa wa hae? Ke o phaphamisitse katlasa sefate sa apole, moo mmao a o tswetseng, moo ya o belehileng a o hlahiseditseng leseding.


Hobane o bile setshabelo sa ya fokotseng, le qhobosheane ya ya madimabe matswalong a hae, le tshirelo mohla sefefo, le leswiti ha ho tjhesa letsatsi; hobane moya wa bahlorisi o ne o tle jwaloka sefefo se thulanang le lerako.


E mong le e mong wa bona o tla ba jwaloka tshireletso ha moya o foka, jwaloka lehaha ha sefefo se etla, jwaloka molatswana wa metsi naheng e omileng, le jwaloka moriti wa lefika le phahameng naheng e nyorilweng.


Mehleng eo, lehlomela la Jehova le tla hlaha bokgabaneng le kganyeng, tholwana ya lefatshe e be kganya le kgabiso ho Baiseraele ba phonyohileng.


Ho tla ba le tente e sirelang ho tjhesa ha kganya ya motshehare, e be setshabelo le tshirelo difefong le puleng.


Mabopong a noka, mose o kwano le mose wane, ho tla mela difate tsohle tse nang le dijo. Mahlaku a tsona a ke ke a pona, ditholwana tsa tsona di ke ke tsa fela; di tla butswa ka dikgwedi tsohle, hobane metsi a noka ke a kollang sehalalelong; ditholwana tsa tsona e tla ba dijo, mahlaku a tsona e be sehlare.


Morara o omeletse, sefate sa feiye se ponne; sa garanata le sa palema le sa diapole, tjhe, difate tsohle tsa naha di omeletse, thabo e fedile baneng ba batho.


re ntse re tadimile Jesu, moqadi le mophethi wa tumelo, ya mameletseng sefapano ka baka la thabo eo a e beetsweng, a sa kang a re letho ka dihlong, a ba a ya dula letsohong le letona la terone ya Modimo.


Moutlwa wa re ho difate: Ha ekaba ke ka nnete le ntlotsang hore ke be morena wa lona, tlong, le tshabele moriting wa ka; ha ho se jwalo, mollo o ke o tswe moutlweng, o je dikedare tsa Lebanone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ