Haele dipere tseo Salomone a neng a di rua, di ne di tswa Egepeta; mehlape ya tsona e ne e latwa ke letshwele la bahwebi ba morena, mohlape o mong le o mong ka theko e beilweng.
Sefate sa feiye se se se bonahatsa ditholwana tse tala tsa sona, merara e thuntseng e arubetsa ka monko o monate wa tsona. Raoha, thatohatsi e ntle ya ka, tloha mona, o tle!
Bona, o motle, thatohatsi ya ka! bona, o motle! Mahlo a hao eka a leebakgorwana kamora lesira la hao; moriri wa hao o jwaloka mohlape wa dipodi tse fulang meepeng ya thaba ya Gileade.
Ke ne ke robetse, empa pelo ya me e ne e fadimeha ... Ke lentswe la moratuwa wa me! o a kokota: Mpulele, ngwaneso, thatohatsi ya ka, leebakgorwana la ka, mohlweki wa ka! Hobane hlooho ya ka e tletse phoka, thitsane ya ka e kolobile ke marothodi a bosiu.
Ho madimabe ba theohelang Egepeta ho batla thuso, ba itiisang ka dipere, ba tshepang makoloi ka ho re a mangata, ba tshepang le ba kallang dipere, hobane ba matla, athe ha ba tadime Mohalaledi wa Iseraele, mme ha ba batle Jehova!