Akang Mora, a se tlo halefa, mme la timela tseleng ya lona, hobane bohale ba hae bo se bo tla tuka. Ho lehlohonolo bohle ba beileng tshepo ya bona ho yena!
O nkgule, mme re tla phalla kamora hao. Morena o ntlisitse dikamoreng tsa hae. Re tla thaba, re nyakallele wena, re rorise lerato la hao le fetisang veine. Ba o rata ka lerato la nnete.
Kgahliso e kakang leratong la hao, ngwaneso, molebeletswa wa ka! Lerato la hao le monate ho fetisa veine hakakang; monko wa menkwane ya hao o fetisa wa menkwane e meng kaofela.
Meso ha e etla, re tla ya dirapeng tsa merara, re be re bone ha merara e mela, ha e se e fina masihla a yona, ha difate tsa kharanata di thuntse; teng ke tla o bontsha lerato la me.
Yare hobane re tswe Tire, ra kena Ptolemaise, moo leeto la rona la sekepe le feletseng teng; yaba re dumedisa baena, ra hlola tsatsi le le leng le bona.