Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Sakaria 14:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ba moloko wa Egepeta ha ba sa nyolohe, ba sa tle, le bona ba tla otlwa ka kotlo eo Jehova a tlang ho otla ka yona ditjhaba tsohle tse sa nyoloheng ho etsa mokete wa Metlotlwane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Haeba setjhaba sa Egepeta se sa nyolohe ho ya kgumamela Kgosi, Morena wa mabotho, pula e ke ke ya na naheng ya sona; se tla welwa ke lefu la sewa, leo ka lona Morena a bolayang ditjhaba tse sa nyoloheleng Jerusalema, ho ya keteka Mokete wa Maphephe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Sakaria 14:18
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane ditjhaba le mebuso e tlang ho hana ho o sebeletsa, e tla fela; ditjhaba tseo di tla senyeha hampe.


Ka kgwedi e nngwe le e nngwe ha e roha, le ka Sabatha e nngwe le e nngwe, mefuta yohle ya batho e tla tla kgumama pela ka: ho bolela Jehova.


Bolella bana ba Iseraele, o re: Ho tloha letsatsing la leshome le metso e mehlano la kgwedi eo ya bosupa, ho tla etsetswa Jehova ka matsatsi a supileng mokete wa Metlotlwane.


Hape, masala a Jakobo a tla ba hara ditjhaba, mahareng a merabe e mengata, jwaloka tau hara diphoofolo tsa meru, jwaloka tawana, hara mehlape ya dinku, eo ereng ha e feta, e hatakele, e harole, ho se ya ka pholosang!


Ke ena kotlo eo Jehova a tlang ho otla ka yona ditjhaba tsohle tse futuhelang Jerusalema: nama ya bona e tla bola ba ntse ba eme ka maoto a bona; mahlo a bona a tla bola mekoting ya wona, le maleme a bona a bole melomong ya bona.


Mme kotlo ya pere, le ya mulete, le ya kamele le ya esele, le ya diphoofolo tsohle tse diahelong tseo, e tla ba jwalo; e be jwaloka kotlo eo.


E tla ba yona kotlo ya sebe sa Egepeta le ya sebe sa ditjhaba tsohle tse sa tlong ho nyolohela Jerusalema ho etsa mokete wa Metlotlwane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ