Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Sakaria 12:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ka tsatsi leo, dillo di tla ba kgolo Jerusalema, di be jwaloka dillo tsa Hadadrimmone, sekgutlong sa Megiddone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Mohla tsatsi leo, sello sa Jerusalema e tla ba sa mmokotsane, se tshwane le sa mohla ho neng ho llelwa Hadade-Rimone, phuleng ya Megido.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Sakaria 12:11
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tshiung tsa hae, Faro-Neko, morena wa Egepeta, a futuhela morena wa Assiria, ho fihla nokeng ya Eufrate; le morena Josiase a ya mo kgahlanyetsa; empa Faro a mmolaela Megiddo, mohla ba teaneng.


Empa Josiase a hana ho mo kgeloha, a mpa a ikgakanya ho ya mo lwantsha; ha a ka a mamela mantswe a Neko, a neng a etswa molomong wa Modimo; mme a tla lwana lehwatateng la Megiddo.


Bahlanka ba hae ba mo tlosa koloing, ba mo kenya koloing ya hae ya bobedi, mme ba mo isa Jerusalema. A shwa, a patwa mabitleng a bontatae, mme Bajuda le ba Jerusalema kaofela ba mo llela.


Lefatshe le tla lla, ho lle masika wohle ka bonngwe; lesika la ntlo ya Davida ka bonngwe, le basadi ba teng ka bonngwe;


Mohlang oo, pontsho ya Mora motho e tla hlaha lehodimong; ke moo ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla iteta difuba, mme di tla bona Mora motho a etla ka maru a lehodimo, ka matla a maholo le ka kganya e kholo.


Bonang, o tla ka maru, mme mahlo wohle a tla mmona, le bona ba mo hlabileng; mme ba mefuta yohle ya lefatshe ba tla swaba ka baka la hae. E, Amen!


Mme ya ba bokella thoteng e bitswang Harmagedone, ka Seheberu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ