Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Sakaria 11:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ho madimabe modisa wa lefeela ya tlohelang mohlape! Lerumo le tla otla letsoho la hae le leihlo la hae le letona. Letsoho la hae le tla omella ruri, leihlo la hae le letona le fifale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 “Ho madimabe modisa wa ka ya sethoto, modisa ya siyang mohlape, a o siye swalabahla! Sabole e ke e mo hlathe letsoho, e ntshe kgodu ihlong le letona la hae! Letsoho la hae le ke le omelle, ihlo la hae le letona le foufalle ruri!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Sakaria 11:17
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena Jeroboame, ha a utlwa lentswe la monna wa Modimo, kamoo a howeleditseng aletare e Bethele kateng, a kgutlisa letsoho la hae aletareng, a le otlolla, a re: Mo tshwareng. Empa letsoho la hae leo a le otlolletseng ho yena, la omella, a ba a sitwa ho le honyetsa;


Hobane Jehova o le tshetse ka moya wa boroko, o kwetse mahlo a lona, ke ho re baporofeta, o apesitse dihlooho tsa lona ka lefifi, ke ho re diboni tsa lona.


Ke mang ya ka teang modimo, leha e le ho tsholla setshwantsho, a sa rue letho ka sona?


E moholo le ya hlomphehang ke hlooho, moporofeta ya rutang leshano ke mohatla.


Ho itswe ke Jehova: O theohele ka tlung ya morena wa Juda, mme teng o mmolelle lentswe lena,


Ho madimabe badisa ba senyang, ba qhalanyang mohlape wa makgulo a ka, ho bolela Jehova.


Bonang, ke na le tseko le ba porofetang ditoro tsa leshano, ho bolela Jehova, ba di bolelang, ba kgelosang setjhaba sa ka ka mashano a bona le ka boikakaso ba bona; kanthe ha ke a ka ka ba roma, ha ke a ka ka ba nea taelo, mme haele ho thusa, ha ba thuse setjhaba sena letho, ho bolela Jehova.


Morena Jehova o re: Ho madimabe baporofeta ba mawatla, ba yang ka kelello tsa bona, ba buang ba sa ka ba bona letho.


Mora motho, porofetela badisa ba Iseraele, o porofete, o re ho badisa bao: Morena Jehova o re: Ho madimabe badisa ba Iseraele ba itisang; ha ke re, badisa ba tshwanetse ho disa mohlape?


Hobane diterafime di boletse lefeela, dinohe di bone dipono tsa bohata, ke toro tsa thetso tseo ba di bolelang; ba tshedisa ka tsa lefeela. Ka baka leo, setjhaba se tlohile jwaloka mohlape, ba hloreha ke ho hloka modisa.


Yaba Jehova o re ho nna: O boele o inkele seo e leng sa modisa wa lewatle.


Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo; athe lona, ha le kene teng, mme ba ratang ho kena ha le ba dumelle ho kena.


Ho madimabe lona, batsamaisi ba foufetseng, le reng: Motho ha a anne ka tempele, ha ho nang; empa ha a anne ka kgauta ya tempele, o tlamilwe.


O foufaditse mahlo a bona, mme o ba thatafaditse dipelo, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba se ke ba utlwisisa ka dipelo, ba se ke ba sokoloha, mme ke se ke ka ba fodisa.


Jesu a re: Ke tlile lefatsheng lena ho etsa kahlolo ya hore ba sa boneng ba bone, mme ba bonang ba fetohe difofu.


Ho jwang jwale? Seo Iseraele a neng a se batla, ha a ka a se fumana; empa bakgethwa ba se fumane, athe ba bang ba thatafaditswe;


Jwale, ha e le ka ho ja dijo tse halbetsweng ditshwantsho, re a tseba hore setshwantsho hase letho lefatsheng, le hore ha ho Modimo o mong, haese o le mong feela.


Bona, ditshiu di a tla, tseo ke tla poma letsoho la hao le letsoho la ntlo ya ntatao, ho tle ho se ke ha eba monna wa leqheku tlung ya hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ