Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Sakaria 10:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Bohale ba ka bo tuketse badisa, mme ke tla kgalemela diphooko, hobane Jehova wa makgotla o tla etela mohlape wa hae e leng ntlo ya Juda, a e etse pere ya hae ya bokgabane ntweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Morena o re: “Kgalefo ya ka e tloketse badisa, kahoo baetapele bana ke tla ba otla. Morena wa mabotho o tla baballa mohlape wa hae, e leng ba ntlo ya Juda, ba tshwana le pere e mabela ya ntwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Sakaria 10:3
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha e utlwa tlerolo ya yona, e re: Aha! ke yona! Mme e sa le hole, e fofonela ntwa le modumo wa mantswe a bahlabani le mekgosi ya ntwa.


Setjhaba sa dumela, sa utlwa hoba Jehova o etetse bana ba Iseraele, le hobane o tadimile ho hloreha ha bona; mme ba inama, ba rapela.


Pere e lokisetswa letsatsi la ntwa; empa poloko ke ya Jehova.


Thatohatsi ya ka, ke o tshwantsha le semathi sa dipere tsa makoloi a Faro.


Etlare hobane Morena a qete mosebetsi wohle wa hae thabeng ya Sione le Jerusalema, ke tla otla morena wa Assiria ka baka la ditholwana tsa boikgohomoso ba pelo ya hae, le ka baka la boikgantsho ba mahlo a hae.


Mehleng eo, Jehova o tla otla makgotla a lehodimo, nqalong tse phahameng, le marena a lefatshe lefatsheng.


Hobane badisa ba thotofetse, ha ba ka ba batla Jehova; ka baka leo, ha ba ka ba atleha, mehlape yohle ya bona e a qhalanngwa.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bonang, ke se ke tla ba otla, ba batjha ba shwe ke lerumo, bara ba bona le baradi ba bona ba shwe ke tlala.


Empa etlare hobane dilemo tse mashome a supileng di phethehe, ke tla kgalemela morena wa Babilona le setjhaba sa teng ka bokgopo ba bona, ho bolela Jehova, ke kgalemele le lefatshe la Bakalde, ke le fetole lefeella ka ho sa feleng.


Bokollang, lona badisa, le howe; paqamang moloreng, lona beng ba mohlape, hobane ho se ho fihlile matsatsi a lona a ho bolawa, mme ke ya le qhalanya, le tle le we jwaloka lefiso le theko e thata.


Setjhaba sa ka e ne e le mohlape wa dinku tse lahlehileng; badisa ba tsona ba ne ba di kgelosa, ba di sepedisa dithabeng le marallaneng, tsa ba tsa lebala lesaka la tsona.


Hobane Morena Jehova o re: E se e le nna enwa; ke tlile ho batla dinku tsa ka, mme ke tla di hlahlobisisa.


Jwalokaha modisa a hlahlobisisa mohlape wa hae mohla a tshohang a le hara dinku tsa hae tse hasaneng, ke tla hlahlobisisa dinku tsa ka jwalo, ke di ntshe dinqalong tsohle tseo di qhalanetseng ho tsona, mohla letsatsi la maru le la lefifi.


Mora motho, porofetela badisa ba Iseraele, o porofete, o re ho badisa bao: Morena Jehova o re: Ho madimabe badisa ba Iseraele ba itisang; ha ke re, badisa ba tshwanetse ho disa mohlape?


Ka diqeko tsa hae o tla hulela ba tlolang selekane bokwenehing; empa setjhaba sa ba tsebang Modimo wa bona se tla tiya, se sebetse;


Tsatsing la sehlabelo sa Jehova, ke tla kgalemela mahosana le bara ba morena, le bohle ba aparang seaparo sa basele;


E tla ba naha ya masala a ntlo ya Juda; teng, ba tla fudisa mehlape ya bona; mantsiboya, ba robale matlung a Ashkelone; hobane Jehova, Modimo wa bona, o tla ba etela, a kgutlise baholehuwa ba bona.


Ho madimabe modisa wa lefeela ya tlohelang mohlape! Lerumo le tla otla letsoho la hae le leihlo la hae le letona. Letsoho la hae le tla omella ruri, leihlo la hae le letona le fifale.


Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, hobane o etetse setjhaba sa hae, mme o se lopolotse.


le be le motsamao o motle hara bahetene, hore tabeng tseo ba le sebang ho tsona, jwaloka hola le le disenyi, ba rorise Modimo mohla o ba etelang, ha ba bontshisa mesebetsi ya lona e metle.


Naomi a tloha a ena le dingwetsi tsa hae, a tle a kgutle naheng ya Moabe; hobane o ne a utlwile naheng ya Moabe hobane Jehova o etetse setjhaba sa hae, o bile o se file dijo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ