Sakaria 1:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)8 Ke bone pono bosiu; ka bona monna ya palameng pere e kgunong; o ne a eme hara difate tsa mirte tse hara kgohlo, kamora hae ho le ba palameng dipere tse kgunong le tse phatshwa le tse tshweu. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE8 Hara mpa bosiu ka bona pono: Ka bona motho ya palameng pere e kgunong! O ne a emisitse hara difate tsa mohlakola, tse ka kgohlwaneng. Kamora hae ho ne ho ena le dipere: tse kgunong, tse sootho, le tse tshweu. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
le hore ba tshwanetse ho tumisa ka mokgosi le ka mangolo metseng yohle ya bona le Jerusalema taba e reng: Eyang thabeng, le late makala a mohlwaare o beang ole, le makala a mohlwaare wa naha, le makala a mirta, le makala a palema, le makala a difate tse mahlaku a teteaneng, le tle le etse metlotlwane ka wona, kamoo ho ngodilweng kateng.
Hobane ho itswe ke Mookamedi ya hodimodimo, eo bodulo ba hae e leng bo sa feleng, ya bitswang Mohalaledi: Ke ahile nqalong e phahameng, e halalelang; hape, ke ahile le ya tepeletseng, le motho ya robehileng pelo, ke tle ke pholose meya ya batho ba robehileng dipelo, ke phedise meya ya ba tepeletseng.