Ke tla o nea maruo a bolokilweng nqalong tse ntsho, le tse patilweng sephiring, o tle o tsebe hobane ke nna Jehova, Modimo wa Iseraele, ya o bitsitseng ka lebitso la hao.
Empa nna, ke hlobodisitse Esau, ke phahlile ditshabelo tsa hae, ha ho sa le moo a ka ipatang teng; leloko la hae le sentswe, le banababo, le ba ahisaneng le yena; o se a le siyo.
Lerumo le hodima dipere tsa hae, le hodima makoloi a hae, le hodima bajaki kaofela ba ho yena, mme ba ya fetoha basadi; lerumo le hodima matlotlo a hae, hore a tle a hapuwe.