Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Obadia 1:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 O se ke wa kena ka kgoro ya setjhaba sa ka ka letsatsi la tlokotsi ya sona; se kgahlwe ke bohloko ba sona ka letsatsi la tlokotsi ya sona; o se ke wa isa matsoho a hao matlotlong a sona ka letsatsi la tlokotsi ya sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Mohla tjhaba sa ka se wetsweng ke koduwa, o se ke wa kena ka dikgoro tsa sona; mohla tjhaba sa ka se leng hara bomadimabe, o se ke wa se somela bomadimabe boo; le mohla se leng hara ditlokotsi, o se ke wa ikgapela maruo a sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Obadia 1:13
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ekaba Jehova o tla tadima tshwenyeho ya ka, hore Jehova a busetse botle ho nna bakeng sa hlapa tsa kajeno tsa motho eo.


Ha ekaba nkile ka thabela tshenyeho ya eo e neng e le sera ho nna, ka hlasimoloha mohla ditlokotsi di mo welang hodimo;


Nka bala masapo a ka kaofela; bona, ba ntadima, ba kgodisa mahlo a bona ka nna.


Le wona masole a hae a hirilweng a jwaloka marole a nontshitsweng, hobane le wona a reteleha, a baleha hammoho, ha a eme, tsatsi la wona la bofelo le a a tlela, tsatsi la kgalemelo ya wona.


Erekaha o boletse, wa re: Ditjhaba tseo tse pedi le dinaha tseo tse pedi e tla ba tsa ka, mme re tla di rua, athe Jehova o ntse a le teng;


Erekaha o ne o hloile bana ba Iseraele ka hloyo e sa feleng, wa ba wa ba neela lerumo, mohla kotlo ya bona, mohla e seng e le bofelo ba bokgopo ba bona,


Morena Jehova o re: Erekaha sera se le boletse ka ho re: Haiaha! diphahama tseno tse sa feleng ke leruo la rona.


Ha ho le jwalo, o porofete, o re: Morena Jehova o re: Erekaha le entswe lefeella, mme la teelwa hare hore le timele, le tle le ruwe ke masala a ditjhaba, mme le fetohe thusolelo ya melomo le ya maleme, le sekgobo ho ditjhaba;


ke bile ke halefetse ka kgalefo e kgolo ditjhaba tse iketlileng; hobane ke ne ke halefetse setjhaba sa ka hakgutshwanyane, empa tsona tsa tlatsa ho se etsa hampe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ