Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Numere 35:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Le ke ke la amohela topollo bakeng sa bophelo ba mmolai ya tshwanetseng ho bolawa, hobane ruri o tshwanetse ho bolawa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 “ ‘Le se ke la amohela moputso o lopollang mmolai ya molato wa ho bolaya, hobane ruri o tshwanetse ho bolawa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Numere 35:31
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Davida o re ho Nathane: Ke sitetswe Jehova. Nathane a re ho Davida: Le yena Jehova o se a fetisitse sebe sa hao, o ke ke wa shwa.


Ba Gibeone ba re ho yena: Hase taba ya silefera, kapa ya kgauta e mahareng a rona le Saule le ntlo ya hae; hape, hase rona re ka reng, ho bolaelwe motho Iseraeleng. Davida a re: Ke tla le etsetsa seo le tla se bolela.


Oho Modimo, Modimo wa poloko ya ka, o ntopolle molatong wa madi a tsholohileng; mme leleme la ka le tla rorisa ho loka ha hao!


Ha e mong a tsohela e mong matla ka bolotsana hore a mmolaye ka mano, o tla mo tshwara, leha a se a balehetse aletareng ya ka, o mmolaye.


Ke tla o ahlola ka kahlolo ya basadi ba febileng, le ya ba tsholotseng madi, ke o etse ya tletseng madi a kgalefo le a lefufa.


Mang le mang ya bolayang motho, o tla bolawa.


Ha a mo otla ka lejwe leo a le tshwereng ka letsoho, le ka bolayang motho, mme a eshwa, ke mmolai; mmolai a otlwe ka ho bolawa.


Ha motho a bolaya e mong, bophelo ba mmolai bo tla kgaolwa ka baka la polelo ya dipaki. Paki e le nngwe e ke ke ya lekana hore motho a ahlolelwe lefu.


Le ke ke la amohela topollo ho mmolai ya balehetseng motseng wa hae wa setshabelo, a tle a kgutlele naheng ya hae ho aha teng, ha moprista a eso ho shwe.


Ho rohakwe ya otlang wa habo sephiring! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ