Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Numere 35:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Ha motho a bolaya e mong, bophelo ba mmolai bo tla kgaolwa ka baka la polelo ya dipaki. Paki e le nngwe e ke ke ya lekana hore motho a ahlolelwe lefu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 “ ‘Ha e mong a ka bolaya motho, mmolai eo o tla bolawa ho ya ka bopaki ba dipaki, empa bopaki ba paki e le nngwe bo ke ke ba etsa hore motho a ahlolelwe lefu.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Numere 35:30
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ekare ha e mong a bata motho, mme eo a eshwa, a bolawe.


Mang le mang ya bolayang motho, o tla bolawa.


Ha motho a otla ngwanabo ka ntho ya tshepe, mme a eshwa, ke mmolai; mmolai a otlwe ka ho bolawa.


Le ke ke la amohela topollo bakeng sa bophelo ba mmolai ya tshwanetseng ho bolawa, hobane ruri o tshwanetse ho bolawa.


Empa ha a sa o mamele, o ye le e mong, leha ba ka ba babedi, polelo tsohle di tle di tiye ke melomo ya dipaki tse pedi kapa tse tharo.


Na molao wa rona o ka hla wa ahlola motho a eso ho utluwe, ho eso ho tsejwe seo a se entseng na?


Lena ke la boraro ke tlang ho lona ka lona; ditaba tsohle di tla tiya ke melomo ya dipaki tse pedi, leha e le tse tharo.


Paki e le nngwe e ke ke ya lekana ho bea motho molato wa bokgopo, kapa wa sebe sefe le sefe, kapa wa tshito efe le efe eo a ka beng a sitilwe ka yona; empa taba e tla tiiswa ke melomo ya paki tse pedi, kapa ke melomo ya dipaki tse tharo.


Ho rohakwe ya otlang wa habo sephiring! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!


O se ke wa amohela qoso e qosang moholo wa kereke, haese ka polelo ya dipaki tse pedi, leha e le tse tharo.


Ya neng a nyedisa molao wa Moshe, o ne a bolawa, ho se mohau ka polelo ya dipaki tse pedi, leha di le tharo;


Mme ke tla nea dipaki tsa ka tse pedi taelo, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng, di ntse di apere lesela le mahwashe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ