Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Numere 35:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Phutheho e tla lokolla mmolai matsohong a mophetetsi wa madi, mme e tla mo kgutlisetsa motseng wa setshabelo oo a neng a balehetse ho wona. O tla aha teng, ho be ho shwe moprista e moholo ya bileng a tlotswa ka ole e kgethehileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Phutheho e tla lokolla mmolai matsohong a mophetetsi wa madi a tsholotsweng, e mmusetse motseng oo ho tshabelwang ho wona, moo a neng a balehetse teng. Mmolai eo o tla dula motseng oo ho fihlela Moprista e Moholo, ya neng a tlotsitswe ka ole e halalelang, a eshwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Numere 35:25
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Athe re fela re tshwanetse ho shwa, re jwaloka metsi a tsholohetseng fatshe, a ke keng a boela a bokellwa; wona Modimo ha o amohe motho bophelo ba hae, athe o ye o hopole mokgwa wa hore ya lelekilweng a se ke a lahlelwa ruri pela wona.


O tla nka ole ya setlolo, o e tshollele hloohong ya hae, mme o mo tlotse jwalo.


Moprista e leng e moholo hara banababo, ya tshetsweng ole ya tlolo hloohong, ya kgethilweng, ya apesitsweng diaparo tse kgethehileng, a se ke a rola hloohong ya hae, leha e le ho hahola diaparo tsa hae.


Ha ekaba ya entseng sebe ke moprista ya tlotsitsweng, mme kahoo a dihetse batho molatong, o tla hlahisetsa Jehova pohwana e se nang sekodi ka baka la sebe seo a se entseng, e le sehlabelo sa sebe.


A tshollela hloohong ya Aarone ole ya tlolo, a mo tlotsa, a tle a kgethwe.


ke ena melao eo phutheho e tla ahloha ka yona mahareng a motho ya otlileng le mophetetsi wa madi:


Ha mmolai a ka tswela kantle ho moedi wa motse wa setshabelo, oo a balehetseng ho wona,


hobane mmolai o ne a tshwanetse ho dula motseng wa hae wa setshabelo, ho be ho shwe moprista e moholo; empa etlare ha moprista e moholo a se a shwele, o tla kgutlela lefeng la hae.


O tla dula motseng oo, a tle a be a eme kahlolong pela phutheho, moprista e moholo wa mehleng eo a be a shwe; ke hona mmolai a tla kgutla, a ye motseng wa hae, le tlung ya hae, motseng oo a neng a balehe ho wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ