Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Numere 35:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Mophetetsi wa madi o tla bolaya mmolai; mohla a teanang le yena, o tla mmolaya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Mophetetsi wa madi a tsholotsweng o tla bolaya mmolai eo ka boyena. Ha a kopana le yena a mmolaye.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Numere 35:19
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bona, o ntelekile naheng ena kajeno, mme ke tla patelwa sefahleho sa hao, mme ke tla ba mobalehi le moleleri lefatsheng: ka baka lena, mang le mang ya mphumanang o tla mpolaya.


Mosadi a re: Morena a ke a hopole Jehova, Modimo wa hae, hore mophetetsi wa madi a se ke a eketsa ho senya, ka ho timetsa mora ka! Davida a re: Ka Jehova ya utlwang, ha ho ka ke ha wela fatshe qoba le e nngwe ya moriri wa mora hao.


Jwale, bohle ba mofuta wa heso ba tsohetse lekgabunyane la hao matla, ba tlile, ba re: Re neele ya bolaileng ngwanabo, re tle re mmolaye ka baka la moya wa ngwanabo eo a mmolaileng, re timetse mojalefa. Ka ho etsa jwalo, ba rata ho tima leshala le hlenneng, le setseng ho nna, ba se ke ba siela monna wa ka lebitso, leha e le ya salang wa hae lefatsheng.


Abnere, ha a boetse Hebrone, Joabe a mo nkela thoko, kgorong, jwaloka eka o ya bua le yena sephiring, a mpa a mo hlaba mpeng, mme a shwa, e le ka baka la madi a Asaele moenae.


Joabe le Abishai ngwanabo ba bolaya Abnere jwalo, e le ka baka la hobane a bolaile Asaele moena bona, ntweng, Gibeone.


Metse eo e tla ba ditshabelo tsa ho balehela mophetetsi wa madi, mmolai a tle a se ke a bolawa a eso ho hlahe pela phutheho a ahlolelwa teng.


Ha a mo otla ka ntho ya lehong eo a e tshwereng ka letsoho, le ka bolayang motho, mme a eshwa, ke mmolai; mmolai a otlwe ka ho bolawa.


Ha motho a dihela ngwanabo ka baka la hloyo, kapa ha a mo betsa ka ntho e nngwe ka boomo, mme a eshwa;


kapa ha a mo otla ka letsoho, ka bora, mme a eshwa, ya otlileng o tla otlwa ka ho bolawa, hobane ke mmolai; mophetetsi wa madi o tla bolaya mmolai, mohla a teanang le yena.


ke ena melao eo phutheho e tla ahloha ka yona mahareng a motho ya otlileng le mophetetsi wa madi:


mme ha mophetetsi wa madi a teana le yena kantle ho moedi wa motse wa setshabelo, ha a ka bolaya mmolai, a ke ke a ba le molato wa polao;


moo, baholo ba motse wa habo ba tla romela ho mo ntsha teng, ba mo neele matsohong a mophetetsi wa madi, a tle a shwe.


esere mohlomong mophetetsi wa madi a phallela mmolai, ha pelo ya hae e sa le bohale, mme ha tsela e le telele, a mo tshwara, mme a mmolaya, leha a sa tshwanelwa ke lefu; athe o ne a sa hloya wa habo maobane le maoba.


hore mmolai ya bolaileng motho a sa etse ka boomo, a sa hopole, a tle a tshabele teng; mme e tla ba setshabelo sa lona, ha le tshaba mophetetsi wa madi.


Mophetetsi wa madi ha a mo phallela, ba se ke ba mo nea mmolai; hobane o bolaile wa habo a sa hopole, a sa ka a mo hloya pele.


A re: E ne e le banabeso, bana ba mme. Ka Jehova ya utlwang, hojane le ba tlohetse ba phela, nka be ke sa le bolaye le nna.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ