Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Numere 35:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Metse eo e tla ba ditshabelo tsa ho balehela mophetetsi wa madi, mmolai a tle a se ke a bolawa a eso ho hlahe pela phutheho a ahlolelwa teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Metse ena e tla ba setshabelo sa lona ho mophetetsi, e le hore mmolai a tle a se ke a bolawa a eso hlahiswe kapele ho setjhaba hore a ahlolwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Numere 35:12
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, bohle ba mofuta wa heso ba tsohetse lekgabunyane la hao matla, ba tlile, ba re: Re neele ya bolaileng ngwanabo, re tle re mmolaye ka baka la moya wa ngwanabo eo a mmolaileng, re timetse mojalefa. Ka ho etsa jwalo, ba rata ho tima leshala le hlenneng, le setseng ho nna, ba se ke ba siela monna wa ka lebitso, leha e le ya salang wa hae lefatsheng.


Hara metse eo le tlang ho e nea Balevi, e tsheletseng e tla ba metse ya setshabelo ho lona.


Mophetetsi wa madi o tla bolaya mmolai; mohla a teanang le yena, o tla mmolaya.


Haele mmolai ya ka balehelang teng ho boloka ho phela ha hae, ha e ke e be ya tshohileng a bolaya wa habo a sa rate, eo a neng a sa mo hloya maoba le maobane.


esere mohlomong mophetetsi wa madi a phallela mmolai, ha pelo ya hae e sa le bohale, mme ha tsela e le telele, a mo tshwara, mme a mmolaya, leha a sa tshwanelwa ke lefu; athe o ne a sa hloya wa habo maobane le maoba.


Bolella bana ba Iseraele, o re: Ikgetheleng metse ya ho tshabela teng, eo ke le laetseng yona ka Moshe;


Ke yona metse e beetsweng bana ba Iseraele bohle le baditjhaba ba jakileng hara bona, e le hore e mong le e mong ya bolaileng motho, a sa etse ka boomo, a tshabele teng, a se ke a bolawa ke mophetetsi wa madi, a eso ho hlahe pela phutheho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ