Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Numere 31:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Lefohlong la bahlabani ba ileng ntweng, o nkele Jehova lekgetho; o nke e nngwe hodima tse makgolo a mahlano, leha e le bathong, leha e le dikgomong, le dieseleng, le dikgutshwaneng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Bahlabani ba tswang ntweng ba ntshetse Morena seabo. Hodima bathopuwa ba makgolo a mahlano ba ntshe a le mong; le pholo e le nngwe, le tonki e le nngwe, le nku e le nngwe, hodima tse makgolo a mahlano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Numere 31:28
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho rokwe Modimo o hodimodimo, o neetseng dira tsa hao matsohong a hao! Yaba Abrame o mo abela karolo ya leshome ya ntho tsohle.


Morena Davida a di kgethela Jehova, hammoho le silefera le kgauta tseo a neng a di hapile ditjhabeng tsohle, e leng ho Edomo, le Moabe, le bana ba Ammone, le Bafilesta, le Amaleke.


Tsatsing leo, ba hlabela Jehova dintho tse ding tsa kgapo eo ba tlileng le yona, e le dikgomo tse makgolo a supileng, le dinku tse dikete tse supileng.


Mehleng eo, nyehelo e tla tlisetswa Jehova wa makgotla ke setjhaba se boemo bo bolelele, se letlalo le boreledi, setjhaba se tshajwang hole, setjhaba se laolang ka matla, se hatakelang hohle, seo dinoka di kgaolang naha ya sona, e tla tlisetswa nqalong moo ho rapelwang Jehova wa makgotla, thabeng ya Sione.


Empa leruo la hae le moputso wa hae di tla kgethelwa Jehova, di ke ke tsa bokellwa hammoho, leha e le ho bolokwa, empa leruo la hae le hwebilweng e tla ba la ba emang pela Jehova, ba tle ba kgore hantle, mme ba apeswe ka bokgabane.


Etswe dihlekehleke di lebeletse nna, mme dikepe tsa Tarshishe di le sehloohong ho tlisa bana ba hao ba neng ba le hole, le kgauta, le silefera tsa bona, ho tlotlisa lebitso la Jehova, Modimo wa hao, le la Mohalaledi wa Iseraele, hobane o o apesitse ka kganya.


Ke nea bara ba Levi boshome ba tsohle tsa Iseraele, e be lefa la bona, bakeng sa tshebetso ya bona, tshebetso ya tente ya pokano.


O tla bolella Balevi, o re ho bona: Etlare ha le nka ho bana ba Iseraele boshome boo ke le neang bona ka lebitso la bona, e be lefa la lona, le tla nkela Jehova kabelo e emiswang ho boshome boo, e leng boshome ba boshome;


Le tla di nka lefohlong la bona, mme o tla di nea moprista Eleasare ka mokgwa wa nyehelo e etsetswang Jehova.


Karolong ya bana ba Iseraele, o tla nka e nngwe ho tse mashome a mahlano, leha e le bathong, leha e le dikgomong, le dieseleng, le dikgutshwanyaneng, le diphoofolong tsohle, mme o tla di nea Balevi ba lebelang tabernakele ya Jehova.


Hodima halofo eo ya dintho tse neilweng bana ba Iseraele, Moshe a nka e nngwe hodima tse mashome a mahlano, leha e le bathong, leha e le diphoofolong; mme ka taelo eo a e neilweng ke Jehova, Moshe a di nea Balevi, e leng balebedi ba tabernakele ya Modimo.


Ba re ho yena: Ke la Sesare. Yaba o re: Hommeng! Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le ntshetse Modimo tseo e leng tsa Modimo.


Haele silefera kaofela, le kgauta, le dipitsa tsa koporo, le tsa tshepe, di tla kgethelwa Jehova, di kenngwe polokelong ya Jehova.


Ba tjhesa motse le tsohle tse hara wona; haele silefera, le kgauta, le dipitsa tsa koporo, le tsa tshepe, ba di kenya polokelong ya ntlo ya Jehova.


Tsatsing leo, Joshua a ba bea hore e be ba rathang patsi, le ba kgang metsi a phutheho le a aletare ya Jehova setsheng seo a tla ikgethela sona; le kajeno ho sa le jwalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ