22 Kgauta, le silefera, le koporo, le tshepe, le boleke, le loto,
22 Kgauta, le silefera, le lethose, le tshepe, le lekapa, le loto;
Tsilla le yena a tswala Tubale-Kaine, ya neng a tea mesebetsi yohle ya koporo le ya tshepe. Kgaitsedi ya Tubale-Kaine e ne e le Naama.
tshepe e ntshwa mobung, mme koporo e ntshwa lejweng la yona ha le qhibidihiswa.
Moshe, le moprista Eleasare, le baholo bohle ba setjhaba, ba tswela ho ba kgahlanyetsa kantle ho diahelo.
Moprista Eleasare a bolella bahlanka ba neng ba ile ntweng, a re: Se laetsweng ke Jehova ka molao o neilweng Moshe ke sena:
dintho tsohle tse ka hlolang mollo, le tla di kenya mollong, hore di hlwekiswe; leha ho le jwalo, di tla hlatsuwa le ka metsi a hlatsuo. Tsohle tse ka sitwang ho hlola mollo, le tla di tsobunya metsing.
Haele silefera kaofela, le kgauta, le dipitsa tsa koporo, le tsa tshepe, di tla kgethelwa Jehova, di kenngwe polokelong ya Jehova.
Feela, Baiseraele ba ikgapela makgomo le mesebetsi ya motse oo, jwalokaha Jehova a ne a laetse Joshua.