Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Numere 31:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Moshe, le moprista Eleasare, le baholo bohle ba setjhaba, ba tswela ho ba kgahlanyetsa kantle ho diahelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Bo-Moshe le moprista Eleasare, le mahosana wohle a setjhaba, ba tswa ho kgahlanyetsa mabotho kathoko ho diahelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Numere 31:13
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba morena wa Sodoma o tswa ho ya mo kgahlanyetsa, ha a kgutla, a se a hlotse Kedorlaomere le marena a neng a na le yena; mme a mo fihlela lehwatateng la Shave, ke ho re, lehwatata la morena.


Ha ekaba ke kgosana e entseng sebe, e tlotseng o mong wa melao ya Jehova, Modimo wa yona, ka ho se tsebe le ka ho etsa tse sa tshwanelang ho etswa, e entse molato.


Ya tlang ho ama setopo sa motho ofe le ofe e tla ba ya sa hlwekang ka matsatsi a supileng.


mme ba tshwerweng, le kgapo yohle, le thepa, ba di tlisetsa Moshe, le moprista Eleasare, le phutheho ya bana ba Iseraele diahelong, lehwatateng la Moabe, haufi le Jordane, mabapa le Jeriko.


Moshe a halefela balaodi ba makgotla, le balaodi ba dikete, le balaodi ba makgolo, ba neng ba kgutla ntweng.


Laela bana ba Iseraele hore ba ntshe diahelong molepera e mong le e mong, le motho e mong le e mong ya nang le ho dutla, leha e le motho e mong le e mong ya silafaditsweng ke setopo;


Samuele a tsohela hosasa ho ya kopana le Saule; Samuele a tsebiswa, ha thwe: Saule o ile Karmele; bona, o ikemiseditse seemahale sa kgopotso, a ntoo tloha, a feta, a theohela Gilgale.


Davida ha a kgutlela ho banna bao ba makgolo a mabedi ba sitilweng ke mokgathala ho sala Davida morao, e leng ba setseng molapong wa Besore, ba tswela ho kgahlanyetsa Davida le ho kgahlanyetsa setjhaba seo a nang le sona; mme Davida ha a ba atamela, a ba dumedisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ