Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Numere 29:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ka tsatsi la bobedi, le tla hlahisa dipohwana tse leshome le metso e mmedi, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse se nang sekodi, tse lemo se le seng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 “ ‘Ka letsatsi la bobedi le tla nyehela ka dipohwana tse leshome le metso e mmedi, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse nang le selemo, tse se nang sepha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Numere 29:17
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha o rate mahlabelo, leha e le dinyehelo; ke moo o ntokisitseng ditsebe; ha o kgahliswe ke ditjheso le mahlabelo a sebe.


hoo ho tla kgahlisa Jehova ho fetisa dipoho, dipoho tse dinaka le ditlhako.


E be konyana e se nang sekodi, e tona, ya lemo se le seng; le inkele yona dinkung leha e le dipoding.


Ke etsang ka mahlabelo a lona a mangatangata, ho botsa Jehova? Ke kgathetse ke ditjheso tsa dipheleu le ke mafura a manamane a nonneng; ha ke kgahliswe ke madi a dikgomo, le a dinku, le a diphooko.


Hobane ke thabela lerato haholo ho sehlabelo, ho tseba Modimo ke ho rata ho fetisa mahlabelo a ditjheso.


Ka matsatsi a supileng le tla hlahisetsa Jehova mahlabelo a tjhesitsweng ka mollo. Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, le tla ba le phutheho e halalelang; le tla hlahisetsa Jehova sehlabelo se tjheswang ka mollo; e tla ba phutheho e phahameng; le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong.


Le tla hlahisa sehlabelo se tjheswang ka mollo, e be setjheso se monko o monate ho Jehova, e leng dipohwana tse leshome le metso e meraro, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse se nang sekodi, tse lemo se le seng.


Ka baka leo, banabeso, ke a le rapela hle ka mehauhelo ya Modimo, hore le ke le o beele mmele ya lona, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se kgahlisang Modimo; ke yona tshebeletso e le tshwanetseng.


Jwale, ha a bolela selekane se setjha, sa pele o se etsa ntho e tsofetseng, mme ntho e tsofetseng, ya mokgulela, e se e ya timela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ