Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Numere 19:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Monna ya hlwekileng o tla nka hisopa, a e qopetse metsing ao, a ntoo foka tente ka yona, le mesebetsi yohle, le batho ba leng teng, le eo ya amileng masapo, kapa motho ya bolailweng, kapa setopo, kapa lebitla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Ba tla nka lehlaku la hisopa, ba le ine metsing, ebe monna ya hlwekileng o foka ka wona hodima tente, le hodima tsohle, le hodima bohle ba moo, le hodima monna eo ya ileng a ama lesapo kapa motho ya bolailweng, kapa setopo sa ya itjhweletseng feela, kapa lebitla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Numere 19:18
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O foke hodima ka ka hisopa, ke tle ke phekolehe! O ntlhatswe, ke tle ke fetisa lehlwa ka bosweu!


O furalle dibe tsa ka, o hlakole makgopo a ka kaofela!


ka mokgwa oo, o tla makatsa ditjhaba tse ngata; marena a tla hloka puo pela hae, hobane a tla bona seo a neng a eso ho se bolellwe, a utlwe seo a neng a eso ho se utlwe.


Eo ya sa hlwekang, o tla nkelwa molora wa sehlabelo sa hlatsuo se kileng sa tjheswa, mme ho tla tshelwa metsi a sediba hodima wona pitseng.


Monna eo ya hlwekileng o tla foka ya sa hlwekang ka tsatsi la boraro le la bosupa, mme o tla mo hlwekisa ka tsatsi la bosupa. O tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing; mme mantsiboya o tla hlweka.


Monna ya hlwekileng o tla bokella molora wa sethole, o tla o bea kantle ho diahelo nqalong e hlwekileng; o tla bolokelwa phutheho ya bana ba Iseraele, hore ho etswe ka wona metsi a hlatsuo.


O ba halaletse ka nnete ya hao; lentswe la hao ke nnete.


Mme ke ikgalalletsa bona, hore le bona ba halaletswe ka nnete.


Mme ke ka wona lona le leng ho Jesu Kreste, ya entsweng ke Modimo bohlale ba rona, le ho loka ha rona, le kgalalelo ya rona, le topollo ya rona:


ana haele madi a Kreste, ya itlhahisitseng ho Modimo ka Moya wa kamehla yohle, e le pheko e se nang letheba, madi ao a tla hlatswa matswalo a lona hakakang mesebetsing e shweleng, hore le tle le sebeletse Modimo o phelang!


Hobane Moshe, enere mohla a boleletseng setjhaba kaofela ditaelo tsohle tsa molao, a nka madi a manamane le a diphooko, le metsi, le boya bo takilweng ka purepera, le hisopa, mme a foka buka le setjhaba sohle ka tsona,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ