Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Numere 19:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 E mong le e mong ya tla ama motho ya bolailweng naheng ka lerumo, kapa setopo, kapa masapo a batho, kapa lebitla, etlaba ha a hlweka ho fihlela matsatsi a supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 “Mang kapa mang ya amang setopo sa motho ya bolailweng ka sabole kwana naheng, kapa setopo sa ya itjhweletseng feela, kapa lesapo la motho ya shweleng, kapa lebitla, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Numere 19:16
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Fallang, fallang, le tlohe mona; le se ke la ama ditshila, tswang hara bona! Itlhatsweng, lona ba jarang dipitsa tsa Jehova!


Etlare hobane a itlhatswe, a ballwe matsatsi a supileng.


Jehova a boela a re ho Moshe: Bolella baprista, bara ba Aarone, o re ho bona: Ho se ke ha eba moprista hara bona ya ipeang sesila ka baka la mofu hara setjhaba sa habo,


Ya tlang ho ama setopo sa motho ofe le ofe e tla ba ya sa hlwekang ka matsatsi a supileng.


Pitsa e nngwe le e nngwe e kwaholotsweng, e se nang sekwahelo se tlamilweng, etlaba ha ea hlweka.


Haele lona, salang ka ntle ho diahelo ka matsatsi a supileng; bohle ba ho lona ba bolaileng motho le bohle ba amileng setopo, ba tle ba itlhatswe ka la boraro le ka la bosupa, bona hammoho le batshwaruwa ba bona.


Laela bana ba Iseraele hore ba ntshe diahelong molepera e mong le e mong, le motho e mong le e mong ya nang le ho dutla, leha e le motho e mong le e mong ya silafaditsweng ke setopo;


Ka ditshiu tsohle tsa ho ikgethela Jehova ha hae, a se ke a atamela setopo se shweleng.


Empa ho ne ho le batho ba bang ba silafetseng ka baka la motho ya shweleng, ba sitilweng ke hona ho etsa Paseka ka tsatsi lona leo. Yaba ba itlhahisa ho Moshe le ho Aarone ka lona tsatsi leo;


Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le jwaloka mabitla a kwetlisitsweng, a nang le ponahalo e ntle kantle, kanthebo, kahare, a tletse masapo a bafu le ho bola hohle.


Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi, hobane le jwaloka mabitla a sa bonahaleng, ao batho ba a hatang ba sa tsebe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ