Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Nahume 3:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Morena wa Assiria, badisa ba hao ba robetse; bahale ba hao ba rapaletse; batho ba hao ba farasitse dithabeng, ha ho ya ba bokellang!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Oho, wena kgosi ya Asiria, babusi ba hao ba kgalehile, mahosana a hao a ipaqametse fatshe. Tjhaba sa hao se qhalakane dithabeng, ha ho le ya mong ya se phuthang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Nahume 3:18
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mikea a re: Ke bone Baiseraele bohle ba qhalane dithabeng, eka dinku tse se nang modisa. Jehova o re: Ha ba na morena; e mong le e mong a boele ha hae ka kgotso.


Tshoho le masisapelo di ba wetse hodimo; boholo jwa letsoho la hao bo ba fetotse dimumu jwaloka majwe; ho fihlela tjhaba sa hao se tshela, Jehova, ho fihlela tjhaba se tshela, setjhaba seo o se namoletseng.


E mong le e mong o tla ba jwaloka tshepe e tebelwang, le jwaloka mohlape o hlokang modisa, e mong le e mong a lebe ha habo, e mong le e mong a balehele lefatsheng la habo.


Theoha, o dule leroleng, wena morwetsana, moradi wa Babilona! Dula fatshe ho se terone, moradi wa Bakalde; hobane ha o sa tla hlola o bitswa ya baballwang, ya phelang menateng.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya kgalemela morena wa Babilona le lefatshe la hae, jwalokaha nkile ka kgalemela morena wa Assiria.


Etlare ha ba futhumetse, ke tla ba etsetsa mokete, ke ba tahise, hore ba tle ba nyakalle, ba be ba ye ho robala boroko bo sa feleng, ba se ke ba hlola ba tsoha, ho bolela Jehova.


Ke tla tahisa marena a hae le ba bohlale ba hae, matona a hae le babusisi ba hae le bahale ba hae, ba tle ba robale boroko bo sa feleng, ba se ke ba hlola ba tsoha, ho bolela Morena: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


Marena a lefatshe, le ba baholo, le barui, le balaodi, le dinatla, le bohle ba ruilweng, le bohle ba sa ruwang, ba ipata mahaheng le mafikeng a dithaba,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ