Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Nahume 3:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Bakgethehi ba hao ba jwaloka tsie, le bahlabani ba hao ba jwaloka makgotla a ditsie tse emisitseng meterong, mohla ho hatsetseng; ere letsatsi ha le tjhaba, di balehe, ebe ha ho tsejwe moo di ileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Balebedi ba hao ba itshwanela le ditsie, bangodi ba hao ba ka boiyane ba ditsie, tse itshwarellang marakong mohla mohatsela, ere ha le tjhaba, di futhumala, di fofe, di fofele moo ho seng motho ya tsebang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Nahume 3:17
4 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Emisang folaga lefatsheng, le letse terompeta ditjhabeng, le mo tsosetse ditjhaba, le mo memele mebuso ya Ararate, ya Minni, le ya Ashkenase, le bee balaodi ba makgotla ho mo lwantsha; atametsang dipere, di ke di nyolohe jwaloka ditsie tse mohlahla.


Baditjhaba, ba thata hare ditjhaba, ba e remile, ba e tlohetse hona teng; mahlomela a yona a wetse dithabeng le dikgutlong tsohle, makala a yona a robehileng a wetse melapong yohle ya lefatshe, ditjhaba tsohle tsa lefatshe di suthile moriting wa yona, di e tlohetse hona teng.


Lobelang silefera, le lobele kgauta. Ha ho pheletso matlotlong a ntho tse bolokilweng; ke diqubuqubu tsa mesebetsi yohle e lakatsehang.


Sebopeho sa ditsie tseo se ne se tshwana le sa dipere tse lokiseditsweng ntwa; dihloohong tsa tsona di ne di rwetse ho tshwanang le meqhaka e kang ya kgauta; difahleho tsa tsona di ne di le jwaloka difahleho tsa batho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ