Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Nahume 2:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Lobelang silefera, le lobele kgauta. Ha ho pheletso matlotlong a ntho tse bolokilweng; ke diqubuqubu tsa mesebetsi yohle e lakatsehang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Lobelang silefera, le lobele le kgauta! Tlotlo le wele makgwabane, ke nyakafatane!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Nahume 2:9
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse selemo ha se thwasa, morena Nebukadnesare a romela ho mo lata, a mo tlisa Babilona, a nka le mesebetsi ya bohlokwa ya ntlo ya Jehova; mme a bea Tsedekia, ngwanabo, morena wa Juda le Jerusalema.


Ho madimabe wena, mosenyi, ya esong ho senngwe, wena, mohapi ya esong ho hapjwe! Etlare ha o se o qetile ho senya, o tla senngwa; ha o qetile ho hapa, o tla hapjwa.


Letlotlo la lona leo le le hapileng, le tla hlakolwa ka mokgwa oo ditsie di hlakolwang ka wona; batho ba tla itihela ho lona ka mokgwa oo bookgolane bo welang jwang ka wona.


Bokollang, lona badisa, le howe; paqamang moloreng, lona beng ba mohlape, hobane ho se ho fihlile matsatsi a lona a ho bolawa, mme ke ya le qhalanya, le tle le we jwaloka lefiso le theko e thata.


Ke ba bona keng ba thothomela, ba kgutla kasanthao, le bahale ba bona ba qhadilwe keng, mme ba baleha keng ba sa retelehe? Ho tshabeha ka nqa tsohle, ho bolela Jehova.


Efela mosenyi o ya mo tlela, yena Babilona; bahale ba hae ba tla hapuwa; liqha tsa bona di robehile; hobane Jehova ke Modimo wa boiphetetso, o tla nne a putse ka tshwanelo.


Ba tla hapa maruo a hao, ba tlatlape mesebetsi ya hao ya kgwebo; ba tla qhaqholla marako a hao, ba ripitle matlo a hao a matle, ba lahlele majwe a hao le difate tsa hao le lerole la hao metsing.


O tla ikgapela medimo ya bona, le ditshwantsho tsa bona tse tsholotsweng, le mesebetsi e hlokwang ya bona ya kgauta le ya silefera, a ye le tsona Egepeta, ho ntoo feta dilemo tseo a ke keng a kgathatsa morena wa Leboya ka tsona.


Bakgethehi ba hao ba jwaloka tsie, le bahlabani ba hao ba jwaloka makgotla a ditsie tse emisitseng meterong, mohla ho hatsetseng; ere letsatsi ha le tjhaba, di balehe, ebe ha ho tsejwe moo di ileng.


Mesebetsi ya kgauta, le ya silefera, le ya mahakwe a bohlokwa, le ya diperela, le ya lene e ntle, le ya purepera, le ya sei, le ya sekarelata, le ya mahong wohle a monkgo o monate, le ya dipitsa tsa mefutafuta tse entsweng ka dinaka tsa ditlou, le dipitsa tsohle tsa mahong a hlokwang, le tsa koporo, le tsa tshepe, le tsa maramore;


ba re: Jo! jo! Motse o moholo o neng o apere line e ntle le purepera le sekarelata, o neng o kgabile ka kgauta, le ka mahakwe a bohlokwa, le ka diperela, na maruo a kakalo a fedile jwang ka hora e le nngwe?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ