Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Nahume 2:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Makoloi a kgehlemana ka matla ditseleng; a ikakgela mebileng; a tadimeha jwaloka dirumula, a tsekema jwaloka mahadima.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Kariki tsa bona di phunyeletsa hara diterata, di etsa menyakwe mabaleng a motse; di phatsima sa dirumola di phatsima, di tjhalametsa sa lehadima le tjhalametsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Nahume 2:4
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha a tshohe lehlwa bakeng sa ba ntlo ya hae, hobane ba ntlo ya hae bohle ba apere dikobo tse futhumetseng.


O nyedisitse Morena ka manqosa a hao, wa re: Ke hlwelletse hodima dithaba le diqhoweng tsa Lebanone ka makoloi a ka a mangata; ke tla rema dikedare tse telele tsa teng, le dikiprese tse kgethehileng tsa teng, ke fihle le hlorong ya teng, ho isa le morung wa tshimo ya teng.


Hobane bonang, Jehova o ya tla ka mollo, makoloi a hae a be jwaloka sefefo, a tukise bohale ba hae, mme ho befa ba kgalemelo ya hae ho fetohe malakabe a mollo.


Bonang, mosenyi o nyoloha jwaloka maru, makoloi a hae a jwaloka sefefo, dipere tsa hae di feta dintsu ka lebelo. Ho madimabe rona, hobane re a tubakanngwa.


Palamang dipere; makoloi, mathang ka ho kgema; bahale ba ke ba nehele, e leng Baethiopia le Baputhe ba tshwereng thebe, le Balude ba tshwereng seqha, ba fula ka sona.


Ba ya tla ho wena ka dibetsa le ka makoloi le ka mabidi, le ka letshwele la ditjhaba, ka thebe le thejana le heleme; ba tla o teela hare. Ke tla bea kahlolo pela bona, ba o ahlole ka mokgwa wa bona;


Lerole la bapalami ba hae le tla o apesa ka baka la bongata ba bona; modumo wa bapalami ba hae, le wa mabidi a hae, le wa makoloi a hae, o tla reketlisa marako a hao, mohla a kenang ka dikgoro tsa hao, jwalokaha ho kenwa motse o entsweng sekgeo.


Hobane Morena Jehova o re: Bonang, ke tla lata Nebukadresare, morena wa Babilona, morena wa marena, leboya, ke mo tlise Tire, a tle ka dipere, le makoloi, le bapalami, le setjhaba, le sera se seholo.


Mehleng ya qetello, morena wa Borwa o tla thulana le yena, mme morena wa Leboya o tla boela a futuhe ho ya mo patela, ka mokoloi, le ka ba kaletsang dipere, le ka dikepe tse ngata; o tla tswela dinaheng, a rwallele, a hohoretse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ