Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Nahume 2:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ho a hapjwa, ho a hlakolwa, ho a senngwa! Pelo e a qhibidiha, mangwele a tlakasela, matheka kaofela a tshwerwe ke bohloko, difahleho tsohle di saretswe!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Ninife e futuhetswe, ya lobelwa, ya timetswa! Pelo di saretswe, mangwele a a tsherema, matla a fedile, fahleho tsohle di pudufetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Nahume 2:10
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lefatshe le ne le hloka sebopeho, le le feela; lefifi le ne le le hodima bodiba, mme Moya wa Modimo o ne o solla hodima metsi.


Ke ikela jwaloka metsi, masapo a ka kaofela a nonyetsehile; pelo ya ka, fubeng sa ka, e a qhibiliha jwaloka mafura a dinotshi;


Ke tla mo etsa letsaba la dihlong, le matsha a ditebetebe, ke mo fiele ka lefielo la tshenyo, ho bolela Jehova wa makgotla.


Matheka a ka a tshwerwe ke bohloko ke hona, matswalo a nkene, a jwaloka matswalo a mosadi ya belehang; ke a sonopana, ke sitwa ho utlwa; ke tshohile, ke sitwa ho bona.


Bonang, Jehova o ya hlobodisa lefatshe, a le etse nahathothe, a le senye sebopeho, a qhalanye baahi ba lona.


A le ke le botse, le bone, na e motona a ka beleha na? Ke bona keng matsoho a monna e mong le e mong ha a le mathekeng a hae, jwaloka hoja ke ya belehang, mme sefahleho sa e mong le e mong se hlwentse?


Bakeng sa Damaseka: Hamathe o hlabisitswe dihlong le Arpade; kahobane ba utlwile taba e mpe, ba fokola; tsietsi e teng lewatleng, mme le sitwa ho kgutsa.


o re: Oho Jehova, bakeng sa nqalo ena, o boletse hore e tla ripitlwa, e se hlole e eba le moahi, leha e le motho, leha e le kgomo; empa e nne e be lefeella ka ho sa feleng.


Ke bohloko ke leqeba la moradi wa setjhaba sa ka, ke na le bofifi, ke tshwerwe ke bolokwana.


Etlare ha ba re ho wena: O fehellwang? o tla re: Ke fehellwa ditaba tse tlang; hobane dipelo tsohle di tla qhibidiha, matsoho wohle a fokole; meya yohle e tla akgeha, mangwele wohle a fetohe metsi; bonang, taba di a tla, di se di tlile: ho bolela Morena Jehova.


Morena Jehova o re: Tsatsing la ho theohela ha yona nqalong ya bafu, ke ile ka apesa tsohle ka bofifi; ka kwahela bodiba ka baka la yona, ka thiba dinoka tsa bona, metsi a maholo a emiswa; ka fifatsa Lebanone ka baka la yona, difate tsohle tse naheng tsa fokola ka baka la yona.


Yaba sefahleho sa morena se fetoha hang, mehopolo ya hae ya ferekanngwa; mesifa ya matheka a hae ya hlepha, mangwele a hae a otlana.


Pela sona ditjhaba di a tlakasela, difahleho tsohle di fetoha mmala.


Hobane Jehova o tla busa kganya ya Jakobo, e leng kganya ya Iseraele; hobane balobi ba ba lobetse, ba sentse makala a merara ya bona.


mme ho tla etsahala hobane bohle ba o bonang ba tla o balehela, mme ho tla thwe: Ninive o sentswe! Ya ka mo lellang ke mang! Nka o batlela batshedisi kae?


Ke timeditse ditjhaba, marako a tsona a helehile; ke sentse mmila ya tsona; ho bile ho se ho se ya tsamayang teng, metse ya tsona e senyehile, ho bile ho se ho se le motho teng, ha ho sa le ya ka ahang teng.


Eitse hobane re utlwe, ra nyahama dipelo; meya ya rona kaofela ya kgathala pela lona, hobane Jehova, Modimo wa lona, ke Modimo hodi-mo lehodimong, le tlase lefatsheng.


Banna ba Ai ba bolaya banna ba mashome a mararo a metso e tsheletseng ho bona, mme ba ba phallela ho tloha kgorong ya motse ho isa Shebarime, ba ba bolaela le motheong; ebile setjhaba se nyahama dipelo, tsa eba jwaloka metsi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ