Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Nahume 1:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Haele wena, Ninive, Jehova o laetse, a re: Lebitso la hao ha le sa tla itswala. Tlung ya medimo ya hao ke tla tlosa setshwantsho se betlilweng le se tsholotsweng, mme ke tla o lokisetsa lebitla, hobane o lefeela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Malebana le Ninife, Morena o entse taelo: “Wena Ninife o tla hloka ditloholo, tloholo tse tla bitswa ka lebitso la hao. Medingwana ya hao ke tla e pshatla, ke e pshatlele ka tempeleng ya yona, ke pshatle le yona e bopilweng. Bitla la hao ke tla le etsa sesomo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Nahume 1:14
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Teng, ha a kgumamile tlung ya Nisroke, modimo wa hae, Adrammeleke le Sharetsere ba mmolaya ka lerumo. Ba tshabela lefatsheng la Ararate; yaba Esare-Haddone, mora hae, e ba morena tulong tsa hae.


Yaba Jehova o romela lengeloi, la ya la timetsa banna ba bahale, le balaodi, le matona a diahelong tsa morena wa Assiria, mme Sankeribe a kgutlela naheng ya hae a hlabilwe ke dihlong. Teng, eitse ha a kene tlung ya modimo wa hae, ba tswileng thekeng la hae ba mmolaya ka sabole.


Ha a sa hopolwa lefatsheng, lebitso la hae ha le sa bolelwa mapatlelong.


Ditloholo tsa hae di ke di timetswe, lebitso la hae le timele molokong o hlahlamang.


O be ho nna lefika leo ke fumanang kaho ho lona, ke tle ke ipalehelle teng kamehla. O laetse hore ke bolokehe, hobane o lefika la ka le qhobosheane ya ka.


Ka bosiu boo, ke tla haola ka naha ya Egepeta, ke otle matsibolo kaofela a naha ya Egepeta, a batho le a diphoofolo, mme ke tla hlahisa dikahlolo hodima medimo ya Egepeta. Ke nna Jehova.


Ho hopolwa ha mofu ya lokileng ke lehlohonolo, empa lebitso la e mobe le tla bola.


Boporofeta hodima Egepeta: Bonang! Jehova o kaletse leru le bobebe, o lebile Egepeta; medimo ya Egepeta e thothomela pela hae, mme dipelo tsa Baegepeta di tepella ka ho bona.


Lona ba leng hole, utlwang seo ke se entseng, le lona ba leng haufi, le lemohe matla a ka!


Tsebisang sena hara ditjhaba, le se tumise, le emise folaga; se tsebiseng, le se ke la se pata, le re: Babilona o hapilwe, Bele o hlabisitswe dihlong, Merodake o swabile; ditshwantsho tsa hae di hlabisitswe dihlong, medimo ya hae e robakilwe dikoto.


Mme ho tla tsoha e mong tulong tsa hae, ya nyatsehang, ya sa lokelweng ke ho bewa morena, mme o tla itlhahisa ka kgotso, a ikgapele borena ka mano.


Thekel (lekantswe): O lekantswe ka sekala, mme ha fumanwa o le tjhatsi.


Ke tla senya nqalo tsa lona tse diphahameng; ke tla diha ditshiya tsa lona tsa letsatsi, ke felahanye ditopo tsa lona hodima medimo ya lona ya ditshwantsho, mme moya wa ka o tla be o tenwe ke lona.


Ha e le ditshwantsho tsa hao tse betlilweng le tse tsholotsweng, ke tla di fedisa mahareng a hao, mme ha o sa tla kgumamela mosebetsi wa matsoho a hao.


Ke tla fothola diashera tse ho wena, ke timetse metse ya hao;


O reretse ntlo ya hao dihlong, ka ho rera ho timeletsa ditjhaba tse ngata, o sitetswe moya wa hao.


Ke se nkile ka mo tsebisa hobane ke tla ahlola ntlo ya hae ka kahlolo e ke keng ya fela; hobane leha a ne a ntse a tseba bokgopo ba bara ba hae, kamoo ba ntseng ba ipha bolotsana kateng, ha a ka a ba tshwara.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ