Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Moeklesia 9:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Lerato la bona, le hloyo ya bona, le mohono wa bona, di se di timetse; ba ke ke ba hlola ba eba le kabelo ho tsohle tse etswang tlasa letsatsi le ka mohla o le mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Lerato le lehloyo le lefufa la bona, tsena tsohle di timetse le bona; ha ba ka ke ba hlola ba eba le kabelo ho tsohle tse etswang mona lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Moeklesia 9:6
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ho hlaha morena osele Egepeta, ya neng a sa ka a tseba Josefa.


Tshepo ya ya lokileng e tla fetoha thabo, empa tebello ya motho ya sa lokang e tla timela.


Tsohle tse neng di lakatswa ke mahlo a ka, ha ke a ka ka a tima tsona; ha ke a ka ka hanela pelo ya ka le thabo efe le efe; pelo ya ka ya nna ya thabela mosebetsi wohle wa ka; ke sona seo nkileng ka se rua mosebetsing wohle wa ka.


Ha ho le jwalo, ka bona hobane ha ho molemo o fetang wa hore motho a thabele mesebetsi ya hae, hobane ke yona kabelo eo a e abetsweng. Hobane a ka latwa ke mang, hore a tle ho bona se tla hlaha a se a le siyo?


Hobane ke mang ya tsebang se ka bang molemo ho motho bophelong ba hae, ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba hae ba lefeela, haele moo bo feta jwaloka leswiti? Kapa ke mang ya tla senolela motho se tla ba teng tlasa letsatsi, ha a se a le siyo?


Efela ke etse tsena tsohle hloko, mme ka di bea tsohle leseding, tsa hore ba lokileng le ba bohlale ba letsohong la Modimo hammoho le mesebetsi ya bona; batho ba ke ke ba tseba hoba ba ratwa, kapa ba hloilwe; tsohle di ka etsahala.


Ka ba ka re: Ha ke sa tla bona Jehova, Jehova, lefatsheng la ba utlwang; ha ke sa tla bona batho, ha ke le ho ba ahileng nqalong ya bafu.


Tsoha, o nke ngwana le mmae, mme o kgutlele lefatsheng la Iseraele; hobane ba neng ba batla moya wa ngwana, ba se ba shwele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ