Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Moeklesia 9:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Hape, ke bone bohlale bo bong tlasa letsatsi, ke bohlale bo boholo ha ke bo tadima:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Ke bone bohlale bona bo bong hape mona lefatsheng, mme ha ke bo tadima ke bona bo le boholo:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Moeklesia 9:13
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, mosadi a ya ka bohlale boo ba hae ho setjhaba sohle; ba ba ba kgaola Sheba, mora Bikri, hlooho, ba e akgella Joabe. A letsa terompeta, mme banna ba hae ba tloha pela motse, e mong le e mong a ipoella hae tenteng ya hae, Joabe yena a kgutlela ho morena Jerusalema.


Taba e mpe e teng eo ke e boneng tlasa letsatsi, e boima pelong tsa batho:


Tsena kaofela ke di bone ditshiung tsa ka tsa lefeela: o ye a be teng ya lokileng ya timelang ka ho loka ha hae, le ya kgopo a be teng ya atisang matsatsi a hae ka bokgopo ba hae.


Bohlale bo nea ya bohlale matla, ho ena le balaodi ba leshome ba ka motseng.


Eitse ha ke sekeha pelo ya ka hore ke tsebe bohlale, mme ke nahana mesebetsi e etswang lefatsheng, ke sa nee mahlo a ka boroko motshehare, leha e le bosiu,


Ke lemohile, mme ke bone tlasa letsatsi hoba peisong ya lebelo ha a siye ba bang kamehla, ntwa hase ya diqhenqha kamehla, bohobe hase jwa ba bohlale kamehla, le leruo hase la ba kello kamehla, le ho ratwa hase ha batsebi kamehla, empa bohle ba hlahelwa ke nako le sebaka sa ntho tseo.


Hobane motho ha a tsebe nako ya hae, jwalokaha a se tsejwe le ke dihlapi tse tshwaswang ke letlowa le di bolayang, le ke dinonyana tse pitlwang difing; bana ba batho ba ye ba tshwaswe jwaloka tsona nakong ya tlokotsi, ha e ba wela ka sehloho.


Ke bone motsana o se nang batho ba bangata, ha o ne o futuhelwa ke morena e moholo; a o thibella, a o dikadiketsa ka dikantshi tse kgolo;


Yaba Daniele o bua ka bohlale le ka kutlwisiso le Arioke, hlooho ya bahlabani ba morena, ya neng a tswile ho bolaya babohlale ba Babilona,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ