Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Moeklesia 8:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 ka bona hobane, bakeng sa mesebetsi yohle ya Modimo motho a ka sitwa ho utlwisisa mosebetsi le o mong o etswang tlasa letsatsi; leha motho a ka ikgathatsa jwang le jwang, hore a batle hoo, a ke ke a ho fumana; esita leha ya bohlale a ka re, o a tseba, a ke ke a utlwisisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 mme ka bona le mesebetsi yohle ya Modimo. Ka elellwa hore ha ho motho ya utlwisisang se etsahalang mona lefatsheng. Le hoja motho a leka kahohle ho fuputsa mesebetsi ena, o sitwa ho e fihlela. Leha mohlalefi a ithetsa ka ho re yena o a tseba, empa a ke ke a ba a e utlwisisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Moeklesia 8:17
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

e leng wona o etsang dintho tse kgolo, tse sa fihlelweng, dintho tse makatsang, tse sa balweng.


Jehova, mesebetsi ya hao e mengata hakakang! O e entse kaofela ka bohlale; lefatshe le tletse matlotlo a hao.


Jehova, Modimo wa ka, e kgolo hakakang palo ya mehlolo le ya merero eo o re etseditseng yona! Ha ho ya ka e lokodisang pela hao; leha ke rata ho e bolela le ho e bala, e be e fete palo.


Yaba ke a nahana hore ke utlwisise taba tseo, mme ka fihlela hoba ke mosebetsi o thata,


Ke ntho e tenang eo Modimo o e neileng bana ba batho, hore be ikgathatse ka yona.


Jwalokaha o sa tsebe tsela ya moya, leha e le kamoo masapo a bopjwang popelong ya mosadi ya emereng kateng, ho jwalo ha o tsebe mosebetsi wa Modimo o etsang tsohle.


O entse tsohle di le ntle nakong ya tsona; o bile o beile lefatshe lohle pela bona hore ba lemohe ditaba tsa lona; leha ho le jwalo, ha ho motho ya utlwisisang mesebetsi e entsweng ke Modimo, ho qala qalong ya yona ho isa qetellong ya yona.


Tadima mosebetsi wa Modimo. Ke mang ya ka otlollang seo o se kobileng?


Na ha o tsebe, na ha o a ka wa utlwa hobane Jehova ke Modimo wa kamehla yohle, Mmopi wa dipheletso tsa lefatshe? Ha a kgathale, ha a fokole, kelello ya hae ha e lekanngwe.


A bodiba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ya Modimo! Dikahlolo tsa wona ha di hlalohanngwe hakakang! Ditsela tsa wona ha di na ho fihlelwa hakakang!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ