Moeklesia 8:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)15 Ka ba ka rorisa thabo, ka ho re, ha ho se ka bang molemo ho motho tlasa letsatsi, haese ho ja le ho nwa le ho itumela; ke seo a se sietsweng bakeng sa mokgathala wa hae wa matsatsi wohle a ho phela ha hae, ao Modimo o mo neileng wona tlasa letsatsi. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE15 Ka baka lena ke thoholetsa boithabiso, hobane mona lefatsheng ha ho ntho e molemo ho motho, haese hore a je, a nwe, mme a nyakalle. O tla nne a nyakalle jwalo ha a le mosebetsing wa hae, ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, ao Modimo a mo neileng wona mona lefatsheng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Yaba ke nahana pelong ya ka hore ke mpe ke thabise nama ya ka ka veine, leha pelo ya ka e ne e ka nna ya itsamaela ka hlalefo; ka hopola ho etsa ka bohlanya ba batho, ho fihlela ke bona molemo oo bana ba batho ba tshwanetseng ho o etsa tlasa mahodimo, ka bongatanyana ba ditshiu tsa ho phela ha bona.