Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Moeklesia 7:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Kannete, ha ho motho ya lokileng lefatsheng ya ntseng a etsa hantle, a sa tshohe a etsa sebe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Ha ho ya lokileng mona lefatsheng, ya etsang ho molemo, ya sa etseng sebe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Moeklesia 7:20
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohla ba sitelwang, kamoo ho seng motho ya sa sitweng kateng, mme o ba halefetse, o ba neetse direng tsa bona, hore ba iswe kgolehong, naheng ya dira, kapa e leng hole, kapa e leng haufi;


Mohla ba o sitelwang, kamoo ho seng motho ya sa sitweng kateng, ha o ba halefetse, o bile o ba neetse direng tsa bona, hore ba iswe kgolehong naheng ya dira kapa e leng e hole, kapa e leng e haufi;


Bona, karabo ya ka ke yona ena: O fositse tabeng tseo; hobane Modimo o moholo ho ena le motho.


Jehova, ha o ka lotolotsa makgopo, ke mang ya ka emang pela hao, Morena?


Lehlanya le itse pelong ya lona: Modimo ha o yo. Ba bodile, mesebetsi ya bona e manyala; ha ho ya etsang hantle.


Bohle ba kgelohile, ba itshentse hammoho; ha ho ya etsang hantle, leha a le mong.


o se ke wa isana nyeweng le mohlanka wa hao, hobane ha ho motho ho ba phelang ya ka fumanwang a lokile pela hao.


Ke mang ya ka reng: Ke itlhwekisitse pelo, ke hlatswehile bobe ba ka?


Bohle re ne re lahlehile jwaloka dinku, re ne re ya e mong le e mong ka tsela ya hae; empa Jehova o mo jarisitse makgopo wohle a rona.


Athe kaofela ha rona re fetohile ntho e ditshila, ho loka ha rona kaofela ho jwaloka kobo e ditshila haholo, re ponne kaofela jwaloka mahlaku, makgopo a rona a ya le rona jwaloka sefefo.


mme moprista ha tadimisisa, a fihlela hore matheba a letlalong la mmele wa hae a bosweu bo fifetseng, ke matheba feela a itlhahetseng letlalong; o hlwekile.


hobane bohle ba sitilwe, mme ha ba tshwanelwe ke kganya ya Modimo.


Hobane bohle re kgoptjwa nthong tse ngata. Ekare ha e mong a sa kgoptjwe dipuong, eo ke monna ya phethehileng, ya ka tsebang ho busa le mmele kaofela.


Yaba Jonathane o tloha tafoleng a halefile haholo, a sa ka a ja letho ka lona la bobedi la kgwedi, kahobane a hlomohetse Davida, hape a nyatsitswe ke ntatae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ