Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Moeklesia 7:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 O se ke wa iketsa e mobe ka ho fetisisa, o se ke wa ipea lewatla; hobane ke ha o ne o tla shwelang, e eso ho be nako ya hao?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Se be kgopo ho tlola moedi, le teng o se ke wa iketsa sethoto; o tla bo shwellang pele ho nako ya hao?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Moeklesia 7:17
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida le yena a boela hae ho ya hlohonolofatsa ntlo ya hae. Mikale, moradi wa Saule, a tswela ho ya kgahlanyetsa Davida, a re: Morena wa Iseraele o itlhomphile hakakang, ha a hlobotse kajeno pontsheng ya makgabunyane a bahlanka ba hae, jwalokaha ho ka hlobola motho wa lefeela!


Athe ba tlositswe ho eso ho be nako, boahello ba bona ba nkilwe ke morwallo;


Hobane wena, Modimo, o tla ba dihela tlasetlase sehokong; batho bao ba madi, ba tletseng mano, ba ke ke ba phela ho fihlela lehare la matsatsi a bona. Empa nna, ke beile tshepo ya ka ho wena.


Ho tshaba Jehova ho atisa ditshiu, empa dilemo tsa moetsadibe di tla kgutsufatswa.


Hape, wa nka bara le baradi ba hao, bao o neng o ntswaletse bona, wa ba hlabela tsona, hore di ba je. Na bootswa ba hao e ne e le ntho e nyenyane,


A re ho nna: Mora motho, na o bone na? Na ke ntho e nyenyane hore ba ntlo ya Juda ba etse manyala a etswang ke bona mona, haele moo ba tlatsitse lefatshe ka bothata, mme ba ntse ba nkgalefisa na? O ka bona, ba isa lekala la morara dinkong tsa bona.


Empa lengeloi la Morena la phakisa la mo otla, kahobane ha a ka a busetsa letlotlo ho Modimo: a jewa ke diboko, a ba a shwa.


Empa Pauluse a mo howeletsa ka lentswe le phahameng, a re: O se ke wa ipolaya, hobane re sa le mona kaofela.


Yaba o se a wela maotong a hae, a eshwa. Bahlankana, eitse ha ba kena, ba mo fumana a se a shwele, mme ba ya mo epela ho monna wa hae.


Yare ha Ananiase a utlwa mantswe ao, a wela fatshe, a shwa; mme bohle ba utlwileng taba tseo, ba tshwarwa ke tshabo e kgolo.


Ka baka leo, lahlang ditshila tsohle le tsohle tsa lonya, mme le amohele ka bonolo lentswe le hlomilweng ka ho lona, le tsebang ho boloka meya ya lona.


Eitse hobane ho fete tshiu tse leshome, Jehova o otla Nabale, a shwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ