Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Moeklesia 7:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Tsena kaofela ke di bone ditshiung tsa ka tsa lefeela: o ye a be teng ya lokileng ya timelang ka ho loka ha hae, le ya kgopo a be teng ya atisang matsatsi a hae ka bokgopo ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Bophelong bona ba ka ba lefeela ke bone dintho tsena: Motho o a shwa leha a ntsa lokile, motho o a tsofala leha a ntsa le kgopo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Moeklesia 7:15
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a re ho Faro: Ditshiu tsa ho jaka ha ka ke dilemo tse lekgolo le mashome a mararo; ditshiu tsa ho phela ha ka di bile kgutshwanyane, di bile mpe, mme ha di a fihla ditshiung tsa dilemo tsa bontate mehleng ya ho jaka ha bona.


Jwale, banna ba babedi, bara ba Beliale, ba tla ba ema mabapa le yena; banna bao ba qosa Nabothe pontsheng ho setjhaba, ba re: Nabothe o nyefotse Modimo le morena. Ba ntoo mo isa kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe, a shwa.


hobane molotsana o ithorisa ka takatso ya pelo ya hae, mme leshodu le rohaka, le nyedisa Jehova.


Efela motho o itsamaela jwaloka seriti, o a dumaduma, o ikgathaletsa ntho e fetang; o ipokellela maruo, mme ha a tsebe hobane a ya jewa ke mang!


Hobane matsatsi wohle a hae ke a nang le mahloko, mme mosebetsi wa hae ke o nang le maswabi; esita le bosiu, pelo ya hae ha e phomole. Hoo le hona ke lefeela.


Ka boela ka tadima tlasa letsatsi, ka bona bokgopo bo le teng nqalong ya kahlolo, le tulong tsa ho loka ka bona bokgopo.


Hobane ke mang ya tsebang se ka bang molemo ho motho bophelong ba hae, ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba hae ba lefeela, haele moo bo feta jwaloka leswiti? Kapa ke mang ya tla senolela motho se tla ba teng tlasa letsatsi, ha a se a le siyo?


Phela hamonate le mosadi eo o mo ratang, ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba hao ba lefeela, boo o o neileng bona tlasa letsatsi, ka matsatsi a hao a se makae, etswe e le kabelo ya hao bophelong le mokgathaleng wohle wa hao oo o ikgathaditseng ka wona tlasa letsatsi.


Teng, ha ho lesea le tlang ho tswallwa hore le phele ka matsatsi a se makae, ha ho leqheku le sa tlo ka le phetha palo ya matsatsi a lona; hobane ya tlang ho shwa a le dilemo tse lekgolo, etlaba o shwele a sa le motjha; ya tla shwa a le dilemo tse lekgolo, e tla ba moetsadibe ya rohakwang ka hlapa.


Ba tla le leleka masinagogeng; esita le nako e a tla, eo e mong le e mong ya le bolayang a tla hloma eka o sebeletsa Modimo.


Ke ofe moporofeta eo bontata lona ba sa kang ba mo hlorisa? Ba bile ba bolaile le ba boletseng pele ho tla ha Ya lokileng eo le mo ekileng jwale, eo le leng babolai ba hae;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ