Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Moeklesia 7:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Botumo bo botle bo molemo ho ena le ole e nkgang hamonate, le letsatsi la ho shwa ho ena le letsatsi la ho tswalwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Bitso le letle le feta menkwane ka ho rateha, tsatsi la lefu le molemo ho feta la tswalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Moeklesia 7:1
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Teng, ba babe ba lesa ho ferekanya, teng ho phomola ba kgathetseng;


Ho jwaloka ole e hlokwang, e tshelwang hloohong, e qhitsetsang ditedung, ditedung tsa Aarone, e qhitsetsang ho isa le mosehong wa seaparo sa hae.


Ho ela ha mahlo ho thabisa pelo, ho behelwa tse monate ho nontsha masapo.


Botumo bo fetisa maruo a maholo, hlompheho le yona e fetisa silefera le kgauta.


esere mohlomong ya utlwang a o nyatsa, a o apesa ka dihlong tse o kgomarelang.


Ole le tse nkgang hamonate di thabisa pelo, ho jwalo keletso e tswang pelong ya motswalle ya mosa.


Dintsintsi tse shweleng di nkgisa le ho bodisa ole ya motlotsi; ho jwalo le bothoto bo bonyenyane, bo senya botumo ba ya tumileng ka bohlale le kganya.


Ka ba ka re: Bafu ba shweleng kgale ba lehlohonolo ho ena le batho ba phelang, ba ntseng ba le teng;


Qetello ya taba e nngwe e fetisa qalo ya yona. Pelo e telele e molemo ho ena le pelo e ikakasang.


Menkwane ya hao e nkga hamonate; lebitso la hao eka setlolo se qhatseditsweng; barwetsana ba o rata ke hona.


Kgahliso e kakang leratong la hao, ngwaneso, molebeletswa wa ka! Lerato la hao le monate ho fetisa veine hakakang; monko wa menkwane ya hao o fetisa wa menkwane e meng kaofela.


ke tla a fa bodulo le lebitso le fetisang la mora le la moradi ka tlung ya ka le marakong a ka; ke tla a fa lebitso le hlolehileng, le ke keng la fela.


Mme jwale, ke re: Jehova, lata hle bophelo ba ka, hobane ho ka bang molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.


Leha ho le jwalo, le se ke la thaba kahobane le hlola meya, haholo le thabe kahobane mabitso a lona a ngodilwe mahodimong.


Ha ho ntse ho lallwa, Diabolose a se a kentse pelong ya Judase Iskariota, mora Simone, takatso ya ho mo eka,


Efela re a tseba hoba mohla ntlo ena ya rona ya lefatshe, e kang motlotlwane, e senyehang, re na le leaho mahodimong le tswang ho Modimo, e leng ntlo e sa kang ya etswa ka matsoho, e sa feleng.


Ke re, re na le tshepo e tiyang, mme hoo re ho ratang ke ho falla mmeleng, re be hae ho Morena.


Bao bohle, ba emetsweng ka baka la tumelo ya bona, ha ba ka ba newa seo ba se baletsweng;


Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re ho nna: Ngola: Ho lehlohonolo bafu ba shwelang Moreneng ho tloha jwale! Moya o re: E, hoba ba ya phomola mesebetsing ya bona; hobane mesebetsi ya bona e a ba latela.


A robala jwalo maotong a hae, ha ba ha esa; a ntoo tsoha, batho ba eso ho tsebe ho bonana. Hobane Boase o ne a itse: Ho se ke ha tsejwa hobane mosadi o kene seotlong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ