Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Moeklesia 5:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 ruo leo le ye le senyehe ka tsietsi e nngwe; ereha a tswetse mora, ho ke ke ha sala letho letsohong la hae;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 kapa ka bomadimabe ebe le a senyeha, mora hae a qetelle a sa fumana lefa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Moeklesia 5:14
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A nka maruo a ntlo ya Jehova le maruo a ntlo ya morena, a hapa tsohle, a ya le dithebe tsohle tsa kgauta tse entsweng ke Salomone.


Ke tswile popelong ya mme ke le feela, mme ke tla kgutlela teng ke le feela; Jehova o ne a neile, o boetse o latile: ho roriswe lebitso la Jehova.


Ya lapileng o ya ja kotulo ya lona, o ya nka le hara meutlwa, mme leshodu le hlwibila menono ya lona.


Efela motho o itsamaela jwaloka seriti, o a dumaduma, o ikgathaletsa ntho e fetang; o ipokellela maruo, mme ha a tsebe hobane a ya jewa ke mang!


Leha a ka ithoka a sa phela, leha batho ba ka o rorisa ka baka la menono ya hao,


O le tadimelang, haele moo le tla feta kapele? Le tla mela mapheo ruri, le rurele hodimo jwaloka ntsu.


Efela motho eo o mo ratang, o ye o mo nee bohlale le tsebo le thabo; athe ya etsang sebe, Modimo o ye o mo nee mosebetsi wa ho bokella le ho totisa, hore o tle o nee eo o mo ratang. Hoo le hona ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.


Ho na le kotsi e bohloko eo ke e boneng tlasa letsatsi: ke leruo le sotofatsang monga lona ya le bokeletseng;


jwalokaha a ne a tswile mpeng ya mmae, o tla ikgutlela a le feela, a ikele jwalokaha a tlile; o tla ya a sa nke letho mokgathaleng wa hae, leo a ka yang le lona a le fuparetse ka letsoho.


Ho ne ho tshepilwe ho hongata, athe ho honyenyane. Le ho thothetse hae, empa ke budutse hodima hona ... Ka baka lang, ho botsa Jehova wa makgotla? Ka baka la ntlo ya ka, hobane e le lesupi ... Athe e mong le e mong ho lona o mathela ntlo ya hae.


Haele ya tla sala wa ntlo ya hao, o tla tla, a mo kgumamelle tjhelete le sengwatho sa bohobe, a re: Ako mpee ho o mong wa mesebetsi ya boprista, ke nne ke je sengwathwana sa bohobe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ