Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Moeklesia 4:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ke motho ya dutseng a nnotshi, ya se nang wa bobedi ho yena, ya se nang leha e le mora, leha e le ngwanabo; leha ho le jwalo, mokgathala wa hae ha o fele, le wona mahlo a hae ha a kgore moruo ... Ke ikgathaletsa mang, mme ke tima moya wa ka lehlohonolo ka baka la mang? Hoo le hona ke lefeela, ke mokgathala o bohloko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Motho ya mong to! ka monwana, ke eo, ha a na mora, ha a na ngwanabo, o sebetsa ka thata a sa kgaotse, le yena ka boyena ha a kgotsofalle leruo la hae. Jwale o a ipotsa: “Ke sebeletsa mang, ha ke itima tsa boithabiso?” Le hona ke lefeela, ke ho sebeletsa lelea!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Moeklesia 4:8
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jehova Modimo o re: Ha ho molemo hoba motho a dule a nnotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya tshwanang le yena.


Efela motho o itsamaela jwaloka seriti, o a dumaduma, o ikgathaletsa ntho e fetang; o ipokellela maruo, mme ha a tsebe hobane a ya jewa ke mang!


Mme jwale, Morena, seo nka se lebellang keng? Tshepo ya ka e ho wena.


Nqalo ya bafu le dihele ha di na ho kgora, mahlo a motho le wona ha a kgore.


Ke ntho e tenang eo Modimo o e neileng bana ba batho, hore be ikgathatse ka yona.


Ntho tsohle di kgathatsa ho feta kamoo motho a ka bolelang kateng. Leihlo ha le kgore ho di bona, tsebe ha e tlale kutlo ya tsona.


hobane o ye a be teng motho eo mosebetsi wohle wa hae o entsweng ka bohlale le ka tsebo le ka masene, athe o tla o siela motho e mong ya sa kang a ikgathaletsa wona. Hoo le hona ke lefeela, ke kotsi e kgolo.


Hobane matsatsi wohle a hae ke a nang le mahloko, mme mosebetsi wa hae ke o nang le maswabi; esita le bosiu, pelo ya hae ha e phomole. Hoo le hona ke lefeela.


Ka boela ka lemoha lefeela le leng le leng teng tlasa letsatsi.


Ya ratang silefera, silefera e ke ke ya mo kgorisa; ya ratang ho phela ka nala, le yena a ke ke a hola ka yona. Hoo le hona ke lefeela.


Molemo o moholo wa naha e nngwe ke hore morena a be teng ya disang naha e lemilweng.


Ho madimabe ba rokahanyang ntlo le ntlo, ba eketsang tshimo ka tshimo, ho fihlela baka se fela, e tle e be lona le nnotshi benghadi ba naha!


Na le ntshetsa keng seo e seng dijo tjhelete, le ikgathaletsa keng se sa kgoriseng? Mmameleng hle, mme le tla ja se monate, meya ya lona e ithabise ka tse nonneng.


Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imelwang, mme ke tla le imolla!


Empa Modimo wa re ho yena: Lewatla towe! Ka bosiu bona, moya wa hao o tla latwa ho wena; mme dintho tseo o di lokisitseng, e tla ba tsa mang na?


Hobane tsohle tse lefatsheng, takatso ya nama, le takatso ya mahlo, le boikgantsho jwa bophelo, ha di tswe ho Ntate, empa di tswa lefatsheng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ