Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mattheu 5:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Le utlwile hoba ho boleletswe baholo, ha thwe: O se ke wa bolaya; mme, ya bolaileng o tla tshwanelwa ke kahlolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 “Le utlwile hore ho ile ha thwe ho ba boholoholo: ‘O se ke wa bolaya; mang le mang ya bolayang o tla tshwanelwa ke kahlolo.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

21 Le utlwile ho thwe: O se ke wa bolaya; mme e mong le e mong ya bolayang, o tla tshwanelwa ke kahlolo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Le utlwile ho thwe: O se ke wa bolaya; mme e mong le e mong ya bolayang, o tla tshwanelwa ke kahlolo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mattheu 5:21
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mosadi a re: Kgale ba ne ba bua taba, ba re: Botsisang taba Abele! Mme taba di ne di fela moo.


A bea baahlodi naheng ya Juda, metseng yohle ya yona ya diqhobosheane, motseng o mong le o mong.


Metse eo e tla ba ditshabelo tsa ho balehela mophetetsi wa madi, mmolai a tle a se ke a bolawa a eso ho hlahe pela phutheho a ahlolelwa teng.


Le utlwile hoba ho boleletswe baholo, ha thwe: O se ke wa feba.


Hape, le utlwile hoba ho boleletswe baholo, ha thwe: O se ke wa kweneha kanong ya hao, o mpe o nee Morena seo o mmaletseng sona ka kano.


Le utlwile hoba ho boletswe, ha thwe: Leihlo le phetetswe ka leihlo, leino ka leino.


Le utlwile hoba ho kile ho thwe: Rata wa heno, o hloye eo e leng sera ho wena.


Bea baahlodi le dihlooho metseng yohle ya hao, eo Jehova, Modimo wa hao, a o neang yona melokong ya hao, ba tle ba ahlole setjhaba ka kahlolo ya ho loka.


E mong le e mong ya hloileng ngwanabo ke mmolai; mme le a tseba hobane ha ho mmolai eo bophelo bo sa feleng bo dutseng ho yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ