Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mattheu 22:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Jesu a re ho yena: Ke e reng: Rata Morena, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka kgopolo ya hao yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

37 A re ho yena: “ ‘Rata Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka maikutlo a hao wohle.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

37 Jesu a re ho yena: O tla rata Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka kelello ya hao yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

37 Jesu a re ho yena: O tla rata Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka kelello ya hao yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mattheu 22:37
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mme ho o rata ka pelo yohle, le ka kgopolo yohle, le ka moya wohle, le ka matla wohle, le ho rata wa habo motho jwaloka ha motho a ithata, ho fetisa ditjheso le mahlabelo wohle.


A araba, a re: O tla rata Morena, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle, le ka kgopolo ya hao yohle; le wa heno, o mo rate jwalokaha o ithata.


Kahobane thato ya nama ke bora ho Modimo; hobane ha e ipee tlasa molao wa Modimo, le ho sitwa e a sitwa.


Mme jwale, Iseraele, Jehova, Modimo wa hao, o batlang ho wena, haese hore o tshabe Jehova, Modimo wa hao, o tsamaye tseleng tsa hae tsohle, o mo rate, mme o sebeletse Jehova, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle,


Jehova, Modimo wa hao, o tla bolotsa pelo ya hao, le dipelo tsa ditloholo tsa hao, o tle o rate Jehova, Modimo wa hao, ka pelo yohle ya hao, le ka moya wohle wa hao, o tle o phele.


Utlwa, Iseraele! Modimo wa rona ke Jehova, Jehova a nnotshi.


Rata Jehova, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle.


Mme re filwe ke wona taelo ena, e reng: Ya ratang Modimo a rate le ngwanabo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ