Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 9:43 - Sesotho 1909/1961 (SO)

43 Letsoho la hao ha le o dihela, o le kgaole; ho ka bang molemo ho wena ke ha o kena bophelong o le tsohane, e seng ho ya diheleng, mollong o sa timeng, o ena le matsoho a mabedi;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

43 Haeba letsoho la hao le o dihela sebeng, le pome; ho molemo ho wena ho kena bophelong o le tsohane, ho ena le ho ya diheleng, mollong o sa timeng, o ena le matsoho a mabedi,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

43 Ekare ha letsoho la hao le o dihela sebeng, o le kgaole;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

43 Ekare ha letsoho la hao le o dihela sebeng, o le kgaole;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 9:43
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

a bo bolokile, a hanne ka bona, a bo bolokile mahalapeng a hae,


Morui o tla fetoha twala, mosebetsi wa hae e be hlase ya mollo, ba tla tjha hammoho, ya ba timang o tla hlokahala.


Le ke le bollele Jehova, le tlose ho se bolle ha dipelo tsa lona, lona batho ba Juda le ba ahileng Jerusalema, esere kgalefo ya ka ya tswa jwaloka mollo, ya tjhesa e sa tingwe, ka baka la bolotsana ba diketso tsa lona.


Empa ka ho re, re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele selope teng, mme o tshwase hlapi e tla phahama pele; etlare ha o e ahlamisa molomo, o tla fumana tjhelete ya setatera teng; o e nke, o ba nee yona, e lefelle nna le wena.


Jwale, o tla re ho ba ka letsohong la hae le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae.


Seoloso sa hae se letsohong la hae; o tla fiela seotlo sa hae ruri, a bokelle koro ya hae modikong, mooko wona a o tjhese mollong o sa timeng.


Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya halefelang ngwanabo feela, o tla tshwanelwa ke kahlolo; ya reng ho ngwanabo: Raka, o tla tshwanelwa ke kahlolo ya lekgotla; mme ya reng ho yena: O lehlanya, o tla tshwanelwa ke mollo wa dihele.


moo seboko sa bona se sa shweng, le mollo o sa timeng.


Empa enore ha o etsa mmoka, o bitse bahloki, le dihole, le dihlotsa, le difofu;


Mohlanka eo a kgutla, a tsebisa monga hae ditaba tseo. Yaba monga ntlo o a halefa, a re ho mohlanka wa hae: Phakisa o tswele mapatlelong le diterateng tsa motse, mme o tlise kwano mafutsana, le dihole, le dihlotsa, le difofu.


Seoloso sa hae se letsohong la hae, mme seotlo sa hae o tla se fiela ruri; o tla bokella koro modikong wa hae; haele mooko, o tla o tjhesa mollong o sa timeng.


Hobane ha le phela ka thato ya nama, le tla shwa; empa ha le bolaya mesebetsi ya mmele ka Moya, le tla phela.


ke mpa ke laya mmele wa ka, ke ithapisetsa wona; esere mohlomong ha ke boleletse ba bang Evangeli, nna ka fumanwa ke sa lokelwa ke ho amohelwa.


Mme bao e leng ba Kreste, ba thakgisitse nama, le dithato, le ditakatso tsa yona.


Le bolaye ke hona ditho tsa lona tse leng lefatsheng, ke ho re, bofebe, le ditshila, le maikutlo a mabe, le ditakatso tse mpe, le takatso ya moruo, e leng ho sebeletsa modimo wa bohata.


o ntse o re ruta ho tela ho se tshabe Modimo le ditakatso tsa lefatshe, re tle re phele nakong ya jwale ka kelello, ka ho loka, le ka borapedi;


Jwale he, le rona ha re teetswe hare ke leru le lekalo la dipaki, a re ke re lahleng hohle ho re imelang, le sebe se tshwasang feela, mme re ke re mathe ka sebete peisong eo re e beetsweng,


Jwale, le ke le lahle lonya lohle, le thetso yohle, le boiketsiso, le mohono, le diketselletso tshohle;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ