Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 9:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 A re ho bona: Mofuta oo ha o tswe, haese ka thapelo le ka ho itima dijo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 A re ho bona: “Mofuta ona ha o tswe haese ka thapelo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

29 A re ho bona: Mofuta ona o ke ke wa tswa ka letho, haese ka thapelo le ka ho itima dijo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 A re ho bona: Mofuta ona o ke ke wa tswa ka letho, haese ka thapelo le ka ho itima dijo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 9:29
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka phahamisetsa mahlo a ka ho Morena Modimo ho ithusa ka thapelo le kopo, ka ho itima dijo, ka lesela le mahwashe le ka melora.


Jwale o ye, o late meya e meng e supileng, e o fetisang ka bolotsana, mme e kene, e dule teng; mme taba tsa motho eo tsa ho fela di fetise tsa ho qala ka ho dula hampe. Moloko o lonya ona o tla hlahelwa ke taba e jwalo.


Jesu a re ho bona: Ke ka baka la ho se dumele ha lona; hobane kannete ke re ho lona: Hoja le na le tumelo e ka ka hlaku ya mosetareta, leha le be le ka re ho thaba ena: Fallela mane; e ka fallela teng, mme ho ka be ho se letho le le sitang.


Empa mofuta oo wa batemona ha o tswe, haese ka thapelo le ka ho itima dijo.


Yare ha Jesu a kene tlung, barutuwa ba hae ba mmotsa ba nnotshi, ba re: Rona ha re a ka ra tseba keng ho leleka motemona eo?


Ha ba tloha moo, ba haola Galelea. Jesu o ne a sa rate ha a ka tsejwa ke motho.


Jwale o ye, o late meya e mong e supileng, e o fetisang ka bolotsana, mme e kene, e dule teng; mme taba tsa motho eo tsa morao di fetise tsa pele ka ho dula hampe.


Ba bea baholo kerekeng e nngwe le e nngwe, ka ho rapela le ka ho itima dijo, ba ntoo ba bea mohaung wa Morena, eo ba dumetseng ho yena.


ke mpa ke laya mmele wa ka, ke ithapisetsa wona; esere mohlomong ha ke boleletse ba bang Evangeli, nna ka fumanwa ke sa lokelwa ke ho amohelwa.


Ka ba ditsietsing le bothateng, ka hloka boroko hangata, ka lapa, ka nyorwa, ka itima dijo hangata, ka hatsela, ka senyehelwa ke dikobo.


Bakeng seo, ke rapetse Morena hararo, hore ntho eo e tloswe ho nna.


le dikotsing, le ditlamong, le meferefereng, le ho sebetseng, le ho fadimeheng, le ka ho itima dijo;


Le rapele ka Moya kamehla, ka merapelo yohle, le fadimehele teng ka tiisetso yohle, mme le rapelle bahalaledi bohle.


Mme thapelo e entsweng ka tumelo e tla pholosa mobabi, mme Morena o tla mo tsosa diphateng; mme ekare ha a entse dibe, o tla tshwarelwa tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ