Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 5:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 A re a sa bua, batho ba tswang ha mmusi wa sinagoge, ba fihla, ba re: Moradi wa hao o shwele; o sa kgathaletsang moruti?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 Yare a sa ntsane a bua, ha fihla ba tswang lapeng la mookamedi wa ntlo ya thapelo, ba re: “Moradi wa hao o shwele; o sa kgathaletsang moruti?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

35 A re a sa bua, ha fihla ba tswang ha mmusi wa sinagoge, ba re: Moradi wa hao o shwele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

35 A re a sa bua, ha fihla ba tswang ha mmusi wa sinagoge, ba re: Moradi wa hao o shwele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 5:35
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Jesu a lemoha hoo, a re ho bona: Le utlwisetsang mosadi eo bohloko? Athe o nkentse ketso e molemo.


A re: Eyang motseng, ho nnyeo, le re ho yena: Moruti o re: Nako ya ka e haufi; ke tla etsa Paseka ha hao le barutuwa ba ka.


A re a sa ba bolella ditaba tseo, hang, kgosana ya fihla, ya mo kgumamela, ya re: Moradi wa ka o tswa shwa hona jwale; empa tloo, o bee seatla sa hao hodima hae, mme o tla boela a phele.


Ha a tswela tseleng, e mong a mo mathela, a kgumama ka mangwele pela hae, a mmotsa, a re: Moruti ya molemo, ke tla etsang ke tle ke rue lefa la bophelo bo sa feleng?


Yaba motho ya bitswang Jairuse, e mong wa babusi ba sinagoge, a fihla ho Jesu; ha a mmona, a itihela maotong a hae;


A re a sa bua, ha fihla e mong ya tswang ha mmusi wa sinagoge, a re ho yena: Moradi wa hao o shwele; o se ke wa kgathatsa moruti.


Maretha a re ho Jesu: Morena, hojane wa ba teng, kgaitsedi ya ka a ka be a sa ka a shwa.


Jesu a re ho yena: Ke nna tsoho le bophelo; ya dumelang ho nna, leha a shwele, o tla phela.


Eitse hobane a bue jwalo, a ya bitsa Maria, ngwanabo, sephiring, a re: Moruti o teng, o a o bitsa.


Maria eitse ha a fihla moo Jesu a leng teng, ha a mmona, a itihela maotong a hae, a re ho yena: Morena, hojane oa ba teng, kgaitsedi ya ka a ka be a sa ka a shwa.


Jesu a re: Tlosang lejwe leo! Maretha, kgaitsedi ya mofu, a re ho yena: Morena, o se a nkga; hobane e se e le la bone a le mona.


Kannetenete ke re ho lona: Nako e a tla, le jwale e se e tlile, eo bafu ba tla utlwa lentswe la Mora Modimo, mme ba le utlwang ba tla phela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ