Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 16:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Haele bona, ba tloha, ba ya bolela Evangeli kahohle, Morena a ntse a sebetsa le bona, a tiisa lentswe ka mehlolo o le felehetsang.]

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Ha e le bona ba tsamaya, ba ruta kahohle, Morena a ntse a sebedisana le bona, a tiisa lentswe ka dipontsho tse le felehetsang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 Ba tloha, ba ya bolela Evangeli kahohle, Morena a ntse a sebetsa le bona, a tiisa lentswe ka mehlolo e e latelang. Amen.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Ba tloha, ba ya bolela Evangeli kahohle, Morena a ntse a sebetsa le bona, a tiisa lentswe ka mehlolo e e latelang. Amen.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 16:20
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse hobane Morena a bue le bona jwalo, a nkelwa lehodimong, mme a dula letsohong le letona la Modimo.


Erekaha ba bangata ba se ba lekile ho pheta ka hlomahanyo ditaba tse phethahetseng hara rona,


kamoo re di neilweng kateng, ke ba iponetseng tsona ka sebele esale ho qaleng ha tsona, bao e bileng e leng bahlanka ba lentswe,


Leha ho le jwalo, ba hlola teng matsatsi a mangata, ba bolela ba itshepisitse ka Morena, ya neng a tiisa lentswe la mohau wa hae ka ho etsa mehlolo le meeka ka matsoho a bona.


Mme o otlolle letsoho la hao ho fodisa batho, le ho etsa meeka le mehlolo ka lebitso la Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang.


Mehlolo e mengata le meeka e mengata e ne e etswa hara setjhaba ka matsoho a baapostola; mme bohle ba ne ba phuthehela mathuleng a Salomone, ba le pelo e le nngwe.


ka matla a mehlolo le a meeka, le ka matla a Moya wa Modimo; ke bile ka hasa Evangeli ya Kreste, ho qala ka Jerusalema le mathoko a yona ho ya qetella ka Iliria.


Jwale, kahobane re le ba sebedisanang le Modimo, re a le kgothatsa hore le se ke la ba ba nketseng mohau wa Modimo lefeela.


ana re tla phonyoha jwang, ha re sa hlokomele poloko e kalo, e neng e qale ho bolelwa pele ke Morena, ya ntoo tiiswa ho rona ke ba e utlwileng,


ha Modimo o ntse o omela hammoho le bona ka dipontsho, le meeka, le diketso tse ngata tse matla, le ka dineo tse ajwang ke Moya o Halalelang, kamoo o ratang kateng?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ