Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 15:43 - Sesotho 1909/1961 (SO)

43 ha tla Josefa wa Arimathea, monna wa lekgotla ya kgabane, ya neng a lebeletse mmuso wa Modimo le yena; a beta pelo, a kena ho Pilato, mme a qela setopo sa Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

43 ha tla Josefa wa Arimathea, setho se hlomphehang sa lekgotla, eo le yena a neng a lebeletse Mmuso wa Modimo, a beta pelo, a kena ha Pilato, a kopa setopo sa Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

43 Josefa wa Arimathea, monna wa lekgotla ya kgabane, ya neng a letetse mmuso wa Modimo le yena, a tla ka sebete, a kena ho Pilato, a kopa setopo sa Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

43 Josefa wa Arimathea, monna wa lekgotla ya kgabane, ya neng a letetse mmuso wa Modimo le yena, a tla ka sebete, a kena ho Pilato, a kopa setopo sa Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 15:43
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ba bangata ba pele e tla ba ba morao, mme ba morao e tla ba ba pele.


Ka mokgwa o jwalo, ba morao e tla ba ba pele, ba pele e tla ba ba morao.


Yare mantsiboya, ha tla monna ya ruileng wa Arimathea, lebitso la hae e le Josefa; le yena e ne e le morutuwa wa Jesu.


Petrose yena a mo latela a le hole, a ba a kena lebaleng la moprista e moholo; a dula le bahlanka, a ikomosa mollong.


Pilato a makala ha a se a shwele. Yaba o bitsa molaodi wa lekgolo, a mmotsa hore na ho se ho le motsotso a shwele.


Ho ne ho na le monna Jerusalema, ya bitswang Simeone; monna eo o ne a lokile, a hlonepha Modimo, a lebeletse tshediso ya Iseraele; mme Moya o Halalelang o ne o le ho yena.


Le yena a hlaha nakong yona eo, a boka Morena, mme a bolela tsa Jesu ho bohle ba lebeletseng topollo Jerusalema.


Monna ya bitswang Josefa, monna wa lekgotla, o ne a le teng, e le monna ya molemo, ya lokileng.


O ne a sa ka a dumela morero wa ba bang le diketso tsa bona. E ne e le wa Arimathea, motse wa Bajuda, mme le yena o ne a lebeletse mmuso wa Modimo.


Kamora tseo, Josefa wa Arimathea, e neng e le morutuwa wa Jesu, a mpa a ipatile ka baka la ho tshaba Bajuda, a kopa ho Pilato, hore a dumellwe ho nka setopo sa Jesu; mme Pilato a mo dumella. Yaba o ya, a tlosa setopo sa Jesu.


Empa Bajuda ba hlohlelletsa basadi ba hlomphuwang, ba tshabang Modimo, le baholo ba motse; ba tsosetsa Pauluse le Barnabase hloriso, mme ba ba leleka naheng ya bona.


Ba bangata hara bona ba ba ba dumela, le basadi ba hlomphuwang ba Bagerike, le banna ba bangatanyana.


Mme jwale, ba bangata ho bana babo rona Moreneng ba ekeleditswe matla a ho bolela lentswe la Modimo, ba se na tshabo, ka ho kgothahala ke ditlamo tsa ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ