Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 14:72 - Sesotho 1909/1961 (SO)

72 Yaba mokoko o lla la bobedi. Jwale Petrose a elellwa seo Jesu a neng a mmoleletse sona, kamoo a neng a itse kateng: Mokoko ha o eso ho lle habedi, o tla be o se o ntatotse hararo. Mme a qala ho lla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

72 Hanghang mokoko wa lla kgetlo la bobedi. Petrose a hopola polelo eo Jesu a neng a mmoleletse yona, e reng: “Mokoko o eso lle habedi, o tla be o ntatotse hararo.” A lla habohloko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

72 Mme mokoko o lla la bobedi. Yaba Petrose o elellwa lentswe leo Jesu a mmoleletseng lona, ha a re: Mokoko ha o eso ho lle habedi, o tla be o se o ntatotse hararo. Mme ha a ntse a nahana ka hona, a lla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

72 Mme mokoko o lla la bobedi. Yaba Petrose o elellwa lentswe leo Jesu a mmoleletseng lona, ha a re: Mokoko ha o eso ho lle habedi, o tla be o se o ntatotse hararo. Mme ha a ntse a nahana ka hona, a lla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 14:72
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse hobane Davida a bale setjhaba, letswalo la hae la mo loma, mme Davida a re ho Jehova: Ke sitilwe haholo ka seo ke se entseng. Oho Jehova, tlosa bokgopo ba mohlanka wa hao jwale; efela ke entse ka bothoto bo boholo.


hore o tle o hopole, o hlajwe ke dihlong, mme o se ke wa hlola o ahlamisa molomo wa hao ka baka la dihlong tsa hao, mohla ke o leballang tsohle tseo o di entseng; ho rialo Morena Jehova.


Mohlang oo, le tla elellwa mekgwa yohle e mebe ya lona le diketso tsa lona tse se nang botle, le ikgobohellwe ka baka la makgopo a lona le la manyala a lona.


Etlare hobane ba phonyohileng ba bona ba phonyohe, bohle ba tla ba dithabeng, ba lle jwaloka maeba a dikgutlo, e mong le e mong hodima bokgopo ba hae.


Jesu a re ho yena: Kannete ke re ho wena: Ka bona bosiu bona, mokoko ha o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo.


Jesu a re ho yena: Kannete ke re ho wena: Wena, kajeno, ka bona bosiu bona, mokoko ha o eso ho lle habedi, o tla be o se o ntatotse hararo.


A mpa a latola, a re: Ha ke tsebe, ha ke utlwe seo o se bolelang. Mme a tswela ntle, kgotlwaneng. Yaba mokoko o a lla.


Jwale, a qala ho hlapanya le ho ana, a re: Motho eo le mmolelang ha ke mo tsebe.


Empa Petrose a re: Monna towe, ha ke tsebe seo o se bolelang. Empa hanghang, a re a sa bua, mokoko wa lla.


Yaba Petrose o tswela ntle, a lla habohloko.


Hobane ho swaba ka mokgwa o ratwang ke Modimo ho hlahisa pako e pholosang, e sa bakelweng; empa ho swaba ka mokgwa wa lefatshe ho hlahisa lefu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ